Mokgwa oo o ka ingodisang ka ona ho DeedsWeb

Haeba o le mosebedisi wa DeedsWeb, o ka fumana tlhahisoleseding e latelang ho tswa websaeteng:

  • Tlhahisoleseding e amanang le ngodiso ya thepa e sa suthisweng, jwaloka
    • Mabitso, dintlha tsa boitsebiso le maemo a lenyalo a beng ba ngodisitsweng
    • palo ya dithibelo tse ngotsweng fatshe kgahlanong le batho le dintlha tsa thepa tsa ho ananywa ha thepa, ho kenyelletswa le mehla ya ngodiso le theko ya yona.
    • dintlha tsa ditefello tsa matlo ho kenyelletsa mabitso a moreki wa ntlo le tjhelete ya khaphithale
  • Dikhophi tsa eleketeroniki tsa ditokomane tsa molao le ditokomane tse hlahiswang ka ho sebedisa sekhene le microfilm (ka mokgwa wa PDF).

Bakeng sa ho fihlella dintlha tsena, o lokela ho ba moingodisi ya ngodisitsweng wa DeedsWeb kaha hona le ditefello tse behilweng tse lefiswang. (Morero wa Ditefello tse behilweng ke Molao wa Ditokomane tsa Bodulo wa 1937, o fumaneha websaeteng).

Ingodise ho DeedsWeb.

Share this page