Etsa kopo bakeng sa tiisetso ya mabitso a sebaka (ho fetolwa ha lebitso) ho Sesiu sa Lekgotla la Mabitso a Sebaka Aforika Borwa

Mabitso a sebaka ke mabitso a dikarolo tse itseng tsa lefatshe ao e leng a tlhaho kapa a reilwe ke motho mme a sebedisiwa. Mabitso a sebaka a leng Sesiung sa Lekgotla la Mabitso a Sebaka a Aforika Borwa a kenyelletsa mebila, meaho ya masepala le dikwere, dibaka tsa boikgathollo tsa motse le mabitla mmoho le meaho ya batho ya poraefete, ditoropo, metsemeholo, metse ya bodulo, dikantoro tsa poso, diteishine, diemadifofane, diemakepe le mebila e meholo, mmoho le dibaka tsa tlhaho tse ikahileng tse jwaloka dithaba, melatswana, dinoka, dikou, dipoente, dihlekehleke, dibaka tsa metsing le dibaka tsa naha tsa boikgathollo. Hore lebitso la sebaka le fetolwe, etsa kopo Sesiung sa Lekgotla la Mabitso a Sebaka a Aforika Borwa le haufinyane kapa lekgotleng la mabitso a sebaka la porofense.

 

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho etsa kopo ya ho fetola mabitso ho Sesiu sa Lekgotla la Mabitso a Sebaka a Aforika Borwa kapa iteanye le Lefapha la Bonono le Setso ho 012 441 3255/3000.

 

Share this page