Kopo ya tumello ya bodudi ba moshwelella

Aforika Borwa e amohela bafalli ba nang le bokgoni ba ho ka nyehela ka tse molemo bakeng sa ho batalatsa motheo wa moruo wa Aforika Borwa.

Pele o ka etsa kopo ya tumello ya bodudi ba moshwelella, sa pele ke hore o hlakise hore na hobaneng o sa tshwanelwa ho nkuwa o le motho ya thibetsweng kapa ya sa batleheng.

Wena le molekane wa hao le a tshwaneleha bakeng sa tumello e totobetseng ya ka nako tsohle ya bofalli haeba le phetse Aforika Borwa bakeng sa bonyane dilemo tse hlano ho itshetlehilwe hodima tumello ya hao ya tshebetso. Bana ba baahi ba Aforika Borwa kapa ba nang le tumello ya bodulo ba moshwelella le bona ba ka etsa kopo.

Tumello ya bodudi ka-mabaka- a mang e sebetsa ho melata e:

  • nang le bonnete ba hore e fuwe mosebetsi wa moshwelella ka Aforika Borwa
  • nang le ditsebo le mangolo a hlwahlwa a thuto
  • ikemiseditseng ho bula kgwebo ka Aforika Borwa
  • nkuwang e le baphaphathehi ho ya ka Karolo ya 27(c) Molao wa Baphaphathehi
  • nkuwang e le batho ba behileng meja fatshe le
  • ikemetseng ho tsa ditjhelete kapa
  • seng (ka tlhaho kapa ka ho nkuwa semolao) sa moahi wa Aforika Borwa kapa ya nang le tumello ya bodulo ba moshwelella.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le tsamaiso ya ho etsa kopo ya bodudi ba moshwelella, kapa ikopanye le Lefapha la Merero ya Lehae.

 

Share this page