Kopo ya ho ngodisa tokelo ya boqapi

Tokelo ya phatlalatso e sirelletsehile hang ha o etsa mosebetsi wa hao wa ho qala o batho ba ka o bonang kapa ba o utlwa, o jwalo ka buka, setshwantsho se takilweng kapa mmino. Mesebetsi e mengata e sirelleditsweng ke tokelo ya phatlalatso ha e hloke ngodiso kapa ditsela tse ding tsa tshireletso, ntle le difilimi tse bapalwang disinema.

O ka etsa tokelo ya hao ya phatlalatso ka ho beha mantswe ana “copyright” kapa “copyright reserved” kapa letshwao la ditjhabatjhaba la tokelo ya phatlalatso le latelwang ke lebitso la hao le selemo, mohlala, © Baloyi 2011 mosebetsing wa hao wa mathomo.

Le ha ho le jwalo, ha o ntse o batla ho ba le tokelo ya phatlalatso ho filimi, DVD le videyo, o lokela ho etsa kopo ho Mongodisi wa Tokelo ya Phatlalatso diforomong tse hlwailweng.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le tokelo ya phatlalatso ho tswa ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) kapa letsetsa CIPC ho 086 100 2472.

 

Share this page