Kopo ya ho ngodisa moralo

Ngodisa tlhahiso ya hao ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) ho fumana ditokelo tse ikgethileng tsa ho sebedisa tlhahiso le ho thibela ba bang ho etsa, ho rekisa kantle ho naha kapa ho sebedisa tlhahiso ya hao.
 
Ho na le mefuta e mmedi ya dihlahiswa eo o ka e ngodisang: tlhahiso ya botle le tlhahiso e sebetsang. Tlhahiso ya botle e na le sebopeho se ikgethileng kapa sebopeho se hohelang mahlo. Tlhahiso e sebetsang yona e na le sebopeho se tshwanelang mosebetsi wa sona. Tlhahiso ya botle e sirelletsehile dilemong tse 15 ho ya ka molao, ha tlhahiso e sebetsang yona e sirelletsehile dilemo tse 10.

O lokela ho ntjhafatsa ngodiso selemo le selemo, pele ho ho fela ha nako ya selemo sa boraro teng ho tloha letsatsing la ho thakgolwa ha yona.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ngodiso ya dihlahiswa ho tswa ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) kapa letsetsa CIPC ho 086 100 2472.

 

Share this page