Kopo ya ho ngodisa letshwao la kgwebo

Ngodisa letshwao la hao la kgwebisano le Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC), ho thibela bao o leng tlhodisanong le bona ho le sebedisa. CIPC e laola Ngodiso ya Matshwao a Kgwebisano, e leng rekoto ya semmuso ya matshwao ohle a kgwebisano ao sethatong a etseditsweng dikopo kapa a ngodisitsweng ka hara Riphaboloki ya Aforika Borwa ho tloha ka selemo sa 1916.

Kopo e ka kenngwa ka dihlopha tse fapaneng tse 45, ho itshetlehile ho dithoto le/kapa ditshebeletso tseo letshwao la kgwebisano le tla sebedisetswang ho tsona. Dintlha tsa tsela ya ditjhabatjhaba ya ho bapisa, e bitswang Tsela e Ntle ya Papiso, e ka fumanwa ho marangrang a Mokgatlo wa Lefatshe wa Thepa le Boikgathatso. Letshwao la kgwebo le ngodisitsweng le ka sirelletswa ho ya ho ile, ha feela o ntse o ntjhafatsa ngodiso ya lona hang kamora dilemo tse leshome.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ngodiso ya letshwao la kgwebisano ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) kapa letsetsa CIPC ho 086 100 2472.

 

Share this page