Kopo ya ho amohela setswakantle sa tlhapi ka sepheo sa kgwebo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho reka tlhapi dinaheng tse ka ntle maemong a kgwebo

Ho reka tlhapi dinaheng tse ka ntle, jwaloka ditlhapi tsa lewatle bakeng sa kuno o lokela ho etsa kopo ya tumello ho Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi

Ho sebetsa dithibelo tse latelang tsa ho reka dinaheng tse ka ntle:

  • Abalone le mefuta e meng ya dilobstara tsa mafika ha di a tshwanela ho rekwa ka ntle.
  • O ka reka feela lekgala le hatseditsweng le felletseng (kapa dikotwana) dinaheng tsa ka ntle tse bekgang 600 g kapa ho feta ka bonngwe mme tse sa feteng ditone tse fetang 25 di ka rekwa ka ntle ka selemo.
  • O keke wa reka lekgala le phelang ka ntle.

Temoso: Tumello ya ho reka ka ntle ho naha ha e kenyeletse tlhapi e foreshe.

Ho hloleha ho imatahanya le dipehelo tsa tumello ho ka etsa hore tumello e fanyehwe kapa e hlakolwe.

O lokela ho etsang

  1. Fumana foromo ya Tumello ya Kopo bakeng sa ho reka naheng tsa ka ntle ho Lekala la Bolaodi ba Botshwasi la Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi mokatong o ka tlase, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa.
  2. Bala foromo ya kopo ka hloko mme o etse bonnete ba hore o kgotsofatsa ditlhoko le dipehelo.
  3. Tlatsa diforomo tsa kopo ka ho fana ka tlhahisoleseding e latelang:
    • aterese ya sebaka ya barekisi ba naha ya kantle moo thepa e tswang teng
    • mabitso a tlwaelehileng le a saense a mofuta wa tlhapi
    • palo ya mofuta oo o o batlang ho o reka ka ntle.
  4. Kenyeletsa tse latelang diforomong tsa hao tsa kopo:
    • khopi e netefaditsweng ya bukana ya boitsebiso le/kapa ditokomane tsa boingodiso tsa khamphani ya hao, le koporasi kapa teraste
    • dikhopi tse netefaditsweng tsa tumello e ntseng e sebetsa ya ho reka ka ntle ho tswa ho Lefapha la Kgwebisano le Indasteri kapa Khomishene ya Tsamaiso ya Kgwebo ya Matjhaba ya ditsebiso tsa tumello
    • setifikeiti sa mantlha sa tumello ho tswa ho ba Ditshebeletso tsa Lekeno la Aforika Borwa.
  5. Lefa sekepele akhaonteng e latelang:
    Banka: First National Bank
    Nomoro ya akhaonte: 62123256382
    Mofuta wa Akhaonte: Current
    Lebitso la akhaonte: Marine Living Resources Fund
    Lebitso la lekala: Corporate Account Service Cape Town
    Khoutu ya lekala: 204109
    Bakeng sa boitshupo letsetsa setsi sa tshebeletso ya bareki ho 021 402 3911.

Kenya foromo ya kopo ho Department of Agriculture, Forestry and Fisheries, Private Bag X2, Roggebaai, Cape Town, 8012 kapa e kenye ho Fisheries Management Branch, ground floor, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Cape Town.  O lokela ho posa kapa ho nehelana ka dikopo tsa mantlha, mme ha o ka hloleha, o keke wa fumantshwa lengolo la tumello.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka matsatsi a tshebetso a supileng kapa ho feta, ho ya ka haeba o entse kopo ka nepo.

Ditjeo ke bokae

Customer Service Centre

Diforomo tse tlatswang

Fumana diforomo tsa kopo ya tumello ya ho reka naheng ya ka ntle ho Lekala la Bolaodi ba Botshwasi la Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi mokatong o ka tlase, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa (Customer Service Centre).

Dintlha tsa ho iteanya

 

Call Centre
Tel: +27 12 399 9000
Fax: +27 12 359 3625

Share this page