Kopo ya lengolo la bopaki la tokollo ya ho reka jwala ba setswantle

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka Mabapi le ho etsa kopo ya setifikeiti bakeng sa tumello ya reka jwala kantle ho naha

O tlameha ho etsa kopo ya setifikeiti bakeng sa ho reka jwala kantle ho naha haeba o batla ho reka dilitara tse fetang tse 12 bakeng sa hao eseng ho rekisa.  Boholo o ka reka dilitara tse 180 ka selemo ho tswa dinaheng tse kantle.

Ha ho hlokahale hore o ka etsa kopo ya setifikeiti bakeng sa:

  • Jwala bo nang le alekhoholo e fetang phesente e lenngwe mme bo etsa karolo ya dithoto tsa hao ebile o tlo inwella bona.
  • Jwala bo sa feteng dilitara tse 12 ka bongata.

Ha o a tlameha ho rekisa kapa ho aba jwala bona.

O lokela ho etsang

  1. Fumana foromo ya Kopo bakeng sa tumello ya ho reka thepa kantle ho naha mme o e tlatse.  Ha ho hlokahale hore o hlomathisetse eng kapa eng foromong eo mme ha ho hlokahale sampole ya jwala bo o btlang ho bo reka.
  2. Ha o fihla makenong a boemelo o tlameha ho neha mohlahlobi wa Lefapha la Temo, meru le Botshwasi foromo, kapa o ka e emeila ho jeswaynen@nda.agric.za pele o ya makenong a boemelo.

Nako ya tshebetso

O tla fumana setifikeiti hona ka letsatsi leo.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Application for an import exemption

Dintlha tsa ho iteanya

 

Regional office
Tel: 021 809 1660
Fax: 021 887 9457
E-mail: jeswaynen@nda.agric.za
City/town: Stellenbosch
Province: Western Cape
Physical address: Plant Quarantine Station, Polkadraai Road, Stellenbosch 7600
Postal address: SAAFQIS – Stellenbosch, Private Bag X5015, Stellenbosch 7599

Share this page