Ho amohelwa setsheng sa mahloko a kelello ka tumellano

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le kopo ya ho amohelwa institusheneng ya bohloko ba kelello ka tumello

Haeba o na le bohloko ba kelello, o ka amohelwa institusheneng ya bohloko ba kelello ya setjhaba. Haeba o dumela hore o na le bohloko ba kelello o tlameha ho etsa kopo ya ho amohelwa institusheneng ya bohloko ba kelello.

Bohloko ba kelello ke bohloko ba bongaka bo sitisang tsela eo o nahanang ka yona le bokgoni ba hao ba ho amana le ba bang. Mafu a kotsi a kelello a kenyeletsa ho tetebela haholo maikutlong, schizophrenia, bipolar disorder, Obsessive Compulsive Disorder (OCD), Panic Disorder, Post Traumatic Stress Disorder (PTSD) le borderline personality disorder. Ditaba tse monate ka mafu a kelello ke hore ho na le kgonahalo ya ho fola ka pheko ya nnete ya bongaka.

O lokela ho etsang

  • Leba ngakeng kapa ngakeng ya bohloko ba kelello
  • Ngaka e tla:
    • hlahloba
    • neha lengolo la tshupiso.
  • Etsa kopo ya ho amohelwa insitusheneng ya bohloko ba kelello.
  • Isa:
    •  lengolo la tshupiso
    • tumello ya hao e ngotsweng
    • khopi ya bukana ya hao ya boitsebiso (ID).

Ela hloko: Haeba boemo ba kelello ya hao bo nkwa bo le kotsi setjhabeng, lekgotla la dinyewe le ka o laela hore o amohelwe institusheneng ya bohloko ba kelello ka tumello kapa kantle ho tumello ya hao.

Nako ya tshebetso

Ngaka e sebetsanang le taba ya hao e tla etsa qeto ka bolelele ba nako ya ho dula ha hao.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ke mahala ha o amohelwa sebakeng sa bohloko ba kelello sa setjhaba e se ka boithaopo.

Ela hloko: O tla lefiswa tjhelete ya bonyane bo itseng haeba o amohelwa ka boithaopo.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo di tla fumaneha ha o fihla institusheneng ya bohloko ba kelello.

Dintlha tsa ho iteanya

Mental health help line - 0800 12 13 14

Share this page