Kopo ya thomello ka ntle ya tlhapi ka sepheo sa kgwebo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho etsa kopo ya phemiti ya ho rekisetsa dinaha tsa kantle tlhapi bakeng la kgwebo

Ho rekisetsa dinaha tsa kantle tlhapi, jwaloka tlhapi ya lewatle bakeng sa ho etsa phaello; o tlameha ho etsa kopo Lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi. 

Haeba o etsa kopo ya diphemiti tsa ho rekisetsa dinaha tsa kantle bigeye tuna, bluefin tuna ya ka borwa, swordfish, Antarctic toothfish, le Patagonian toothfish, o tlameha ho hlomathisa tokomane  ya dipalopalo e loketseng ho tshwasa bakeng sa palo e nngwe le e nngwe e romelwang kantle.

Ditokomane tsa dipalopalo tsa ho tshwasa di fumaneha Lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi, Lekala: Botsamaisi ba Botshwasi ba Ditlhapi.

Ela Hloko: Nako e behetsweng phemiti ena ya ho rekisetsa dinaha tsa kantle e feela kamora dikgwedi tse tharo mme e kenyeletsa tlhapi ya metsi a foreshe. O tlameha ho etsa kopo ya phemiti e ntjha hang ha e fellwa ke nako e behetsweng. Ho hloleha ho phethahatsa ho ya ka dipehelo tsa phemiti ho ka baka hore e kgaotswe nako e itseng kapa e fediswe.

Bakeng sa ho tsamaisa mefuta e kentsweng ke CITES (Tumellano ya Semmuso ka Kgwebisano ya Matjhaba Mefuteng ya Diphoofolo tse kotsing ya ho Timela Convention on International Trade in Endangered Species) lenaneng, o ka iteanya le Lefapha la Merero ya Tikoloho.

O lokela ho etsang

  1. Tsebisa lekala la heno le haufi la Biro ya Boemo ya Aforika Borwa (South African Bureau of Standards) ka palo ya hao e romelwang ntle haeba tlhapi eo o ikemiseditseng ho e romela ntle e se foreshe mme e sa lokela ho jewa ke batho.
  2. Haeba tlhapi e le foreshe mme e loketse ho ka jewa ke batho, o tlameha ho tsebisa Boemakepe ba tsa Maphelo.
  3. Leba Lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi le Motse Kapa: Mokatong o ka tlase, Lekala la: Botsamaisi ba Botshwasi ba Ditlhapi, Moahong wa Foretrust, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa ho fumana foromo ya Kopo ya phemiti ya ho romela tlhapi dinaheng tsa kantle.
  4. Tlatsa diforomo tsa kopo ka tsebiso e latelang:
    • aterese ya bodulo ya ba rekang kantle ho naha naheng eo ditlhapi di romelwang ho yona
    • mabitso a tlwaelehileng le a saense a mefuta e romelwang ntle
    • dipalo tsa mefuta e romelwang ntle
    • dikhopi tsa ditokomane tsa dipalopalo tsa ho tshwasa di hloka ho fumantshwa bakeng sa bigeye tuna, bluefin tuna ya ka borwa, swordfish, Antarctic toothfish, le Patagonian toothfish kaofela e rekisetswang ntle tlasa phemiti ya ho romela ntle ho naha ya nako e fetileng
    • bukana ya hao ya boitsebiso (ID) le ditokomane tsa boingodiso tsa khamphani, koporasi kapa terasete ya hao
    • diphemiti tsa ho romela ntle tse molaong tse tswang Lefapheng la Kgwebisano le Indaseteri kapa ditsebiso tsa diphemiti (ITAC)
    • setefekeiti sa ho se fumane molato tefellong ya lekgetho jwaloka ha se amohetswe le ho ntshwa ke Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Aforika Borwa (South African Revenue Services).
  5. Moo ho nang le moemedi, tumellano pakeng tsa mekga e mmedi e hlokeha ho hlomathiswa mmoho le dikhopi tsa ID tsa ba saenneng
  6. Haeba o se na phemiti ya tokelo ya ho tshwasa, o tlameha ho boela o isa tse latelang:
    • bopaki ba phepelo le diaterese tsa bodulo tsa bafepedi ba tlhapi ya lewatle e romelwang ntle
    • mabitso a saense a tlwaelehileng a mefuta e romelwang ntle
    • palo ya mefuta e romelwang ntle.
  7. Lefa tjhelete e behetsweng akhaonteng e latelang:
    Banka: First National Bank
    Nomoro ya akhaonte: 62123256382
    Mofuta wa akhaonte: Current
    Lebitso la akhaonte: Marine Living Resources Fund
    Lebitso la Lekala: Corporate Account Service Cape Town
    Khoutu ya Lekala: 204109
    Bakeng sa tshupiso, letsetsa setsi sa tshebeletso ya bareki ho (021 402 3911 / 0860 000 3474)
  8. Isa diforomo tsa kopo Lefapheng la Temothuo, Mero le Ditlhapi. O tlameha ho posa kapa ho isa dikopo tsa sethato; ha o ka hloleha ho etsa jwalo o ke ke wa fuwa phemiti.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka matsatsi a mosebetsi a 7 kapa ho feta, ho itshetlehile ka ho kenngwa ha kopo ka tshwanelo le tiisetso ya tefello.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2018/19

Diforomo tse tlatswang

Leba Lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi le Motse Kapa: Mokatong o ka tlase, Lekala la: Botsamaisi ba Botshwasi ba Ditlhapi, Moahong wa Foretrust, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa ho fumana foromo ya Kopo ya ho romela tlhapi dinaheng tsa kantle.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page