Lengolo la lefu

Lefu la motho le tshwanela ho tlalehwa ho ofe kapa ofe wa ba latelang:

  • Bahlanka ba itseng ba Lefapha la Merero ya Lehae
  • Ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa, haholoholo dibakeng tse hlokang dikantoro tsa Lefapha la Merero ya Lehae
  • Boemedi ba Aforika Borwa, embasi ka bokhonsulara, haeba lefu le etsahetse mose
  • Ba ditshebeletso tsa lepato ba kgethuweng le ho amohelwa semolao.

Tlaleho ya Lefu e tla fumantshwa ka mora ho ba lefu le ngodiswe.Batho bana ba kgethuweng hape ba ka fana ka ditokelo tsa lepato. Ha ho lepato le ka tswelang pele ntle le ha le dumelletswe ka lengolo la tokelo ya lepato.

Lefapha la Merero ya Lehae le tla fana ka lengolo la lefu ha le thola tsebiso ka ha lefu.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho fumana lengolo la lefu kapa ikopanye le Lefapha le Merero ya Lehae.

 

Share this page