Kopo ya tumello ya ho ba mokganni wa profeshenale

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho etsa kopo ya phemiti

Ho kganna mmileng wa naha o tsamaisa thepa, thepa e kotsi kapa bapalami bakeng sa moputso Aforika Borwa, o tlameha ho ba le phemiti ya ho kganna ya porofeshenale (PrDP).

Phemiti e ntshwa ho tlatsetsa laesense e tlwaelehileng ya ho kganna. PrDP e sebetsa mekgahlelong e latelang ya makoloi:

  • koloi ya thepa ya boima bo fetang 3 500 kg
  • koloi e hulang makoloi a senyehileng kapa a tjhaisitseng kapa bese 
  • bese e nyane ya boima bo fetang 3 500 kg kapa e etseditsweng ho palamisa batho ba 12 kapa ho feta (ho kenyeletsa le mokganni) 
  • makoloi a bobebe, a bontshitsweng lefapheng la tsa moruo ho palamisa bapalami bakeng sa moputso (taxi-cab)
  • koloi e etseditsweng ho palamisa batho ba 12 kapa ho feta
  • koloi efe kapa efe e ntshetswang laesense ya ho sebetsa
  • koloi ya thepa e kotsi (mohl. koloi ya peterole, jj.)

Dithibelo tsa dilemo bakeng sa mekgahlelo ya koloi ke tse latelang:

  • koloi ya thepa – o lokela ho ba le dilemo tse 18 kapa ho feta
  • makoloi a bapalami – o lokela ho ba le dilemo tse 21 kapa ho feta  
  • makoloi a thepa e kotsi – o lokela ho ba le dilemo tse 25 kapa ho feta.

O ka fumana PrDP feela ebang o:

  • na le laesense ya ho kganna e molaong bakeng sa mofuta wa koloi eo ho buuwang ka yona
  • tiiseditswe ke ngaka hore o loketse ho fumantshwa  
  • tiiseditswe ke mokgahlo o amohehileng wa thupello (e hlokeha feela mokgahlelong wa  D wa makoloi a (thepa e kotsi) 
  • hloka rekoto ya bosenyi e latelang lebitsong la hao dilemong tse hlano tse fetileng:
    • ho kganna koloi o le tshusumetsong ya tahi kapa sethethefatsi se nang le kameho ya nakhothiki
    • ho kganna koloi palo ya tahi e mading kapa e nkgang e feta tekanyetso e molaong
    • bakeng sa kopo ya phemiti ya mokgahlelo wa P le D, tlolo ya molao eo ntlha ya yona e neng e le morusu;   
  • laesense ya hao ya ho kganna e eso ka e kgaolwa tseleng nako e itseng
  • eso ka o ahlolelwa tlolo ya molao ya bosenyi kapa o lefa tjhelete ya kotlo ya ho dumela molato.

Jwaloka mosebedisi kapa monga koloi eo ho hlokehang PrDP bakeng sa yona,  o ke ke wa dumella motho e mong ho kganna koloi mmileng wa naha, ntle le ha a na le PrDP e molaong bakeng sa mokgahlelo o loketseng.

O lokela ho etsang

  1. Leba setsing se haufi seo ho etsetswang diteko tsa laesense ya ho kganna teng (DLTC) mme o tlatse foromo ya Kopo ya tumello ya ho kganna ya seporofeshenale (PD1).
  2. Tlatsa foromo ya tsebiso ya phetoho ya aterese kapa dintlha tsa motho kapa tsa mokgatlo (NCP).
  3. Nka dintho tse latelang:
    • Tokomane ya boitsebiso (ID), karete ya laesense ya ho kganna, kapa phaseporoto e molaong ya Aforika Borwa
    • Dinepe tse nne tse tshwanang tse tlwaelehileng. O tlameha ho netefaletswa pele ke DLTC hore na ba tla batla dinepe tse kae pele o ka etsa dinepe tseo.
    • Lengolo la ho kganna le molaong (khoutu e tshwanang hantle le ya koloi eo o etsang kopo ya yona)
    • Setifikeiti sa thupello (haeba ho hlokeha)
    • Setifikeiti sa bophelo bo botle (se molaong ha feela se sa fete dikgwedi tse pedi se le teng)
    • Tumello enngwe ya ho kganna ya seporofeshenale kapa tumello ya ho kganna mebileng ya setjhaba, eo o nang le yona
    • Bopaki ba aterese ya poso le ya moo o dulang; mohlala, lengolo la akhaonte ya tshebeletso. Haeba lengolo la tshebeletso le se lebitsong la hao, monga lengolo o tlameha ho etsa lengolo le hlapanyeditsweng le hlalosang hore wena o dula atereseng eo, mme lengolo la tshebeletso le tlameha ho qhwaellwa lengolong leo le hlapanyeditsweng.
    • Haeba o dula sebakeng sa baipei, o tlameha ho tla le lengolo le nang le setempe sa semmuso le tswang ho molekgotla wa tikoloho, le netefatsang aterese ya hao ya poso le ya moo o dulang teng
    • Sekepele se batlehang sa tjhelete.
  4. O tla ya tekong ya mahlo hona moo setsing sa diteko. Ho seng jwalo, o ka nna wa etswa diteko tsa mahlo ke ngaka ya mahlo e nang le mangolo ebe o isa foromo.
  5. Kamora tefo, o tla romelwa seteisheneng se haufi sa sepolesa ho ya kopa tlaleho ya kahlolo. Haeba DLTC e na le yuniti e hatisang ka kotloloho (LCU), tlaleho ya kahlolo e tla romelwa seteisheneng sa sepolesa ka mokgwa wa elektroniki.
  6. O tlameha ho kenya tjhelete ya kopo akhaonteng e latelang pele kopo ya hao e ka sebetswa.
    Dintlha tsa Banka bakeng sa ho kenya tjhelete ya kopo:
    Lebitso la akhaonte: Ideco AFISwitch (Pty) Ltd
    Banka: ABSA
    Lekala: Business Banking Johannesburg North
    mofuta wa Akhaonte: Cheque
    Nomoro ya Akhaonte: 4074078548
    Khoutu ya Lekala: 630256
    Referense: Kenya nomoro ya ID ya mokopi e le yona referense.
  7. O tla tsebiswa hanghang ha karete ya PrDP e se e loketse ho latwa. Nka ntho ya boitsebiso e kang ID ha o ilo lata karete. Dikarete dife kapa dife tse sa latwang nakong ya matsatsi a 120 di tla senngwa.

Nako ya tshebetso

Phemiti ya hao e ka lokela ho latwa nakong ya maksimamo ya dibeke tse 12.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

  • Foromo ya kopo ya phemiti ya ho kganna ya porofeshenale (PD1)
  • Foromo ya kopo ya setefekeiti sa bongaka (MC)

Diforomo tsena di fumaneha setsing sefe kapa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna le ho eNatis.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact the relevant municipality

Share this page