Kopo ya ho fetola laesense ya ho kganna ya boditjhaba

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho fetolela laesense ya hao ya botswantle

Ebang o fumantshitswe bodulo ba hoya ho ile mona Afrika Borwa, o tlameya ho fetolela laesense ya hao ya ho kganna hore ebe ya Afrika Borwa pele ho feta selemo o fumane phemiti ya bodulo. 

Ebang o hloleha ho fetolela laesense ya hao pele selemo se feela, e tla nkwa e felletswe ke nako.
O kanna wa etsa kopo ya ho fetolela laesense ya hao ya ho kganna hore ebe ya Afrika Borwa, ebang ona le phemiti ya bodulo ba sepolotiki empa o sena phemiti ya bodulo ba hoya ho ile.

Ebang laesense ya hao esa ngolwa ka enngwe ya dipuo tse molaong tsa Afrika Borwa, o tlameya ho fumana lengolo la hore e fetolelwe ke lekala le nang le bokgoni.

Laesense ho kganna ya botswantle  etla fetolelwa ebang:

  • laesense eo ha ya fetwa ke lehla
  • e fetoletswe ho ele nngwe ya dipuo tse molaong tsa Afrika Borwa
  • the licence is accompanied by a letter of validity obtained from the relevant embassy and a translation if the licence is not in an official language of South Africa laesense e tsamaya le lengolo le tswang embasing e ikarabellang le hore e fetoletswe,  ebang esa ngolwa ka puo ya Afrika Borwa
  • laesense ena le setshwantsho sa hao le motekeno wa hao.

O lokela ho etsang

  1. Leba setsing seo ho etsetswang diteko tsa laesense ya ho kganna ho sona (DLTC) profenseng eo o filweng boahi ba moshwelella ho yona.
  2. Tlatsa foromo ya Kopo ya phapanyetsano ya laesense ya ho kganna (DL1) ho DLTC efe kapa efe.
  3. Tlatsa foromo ya temoso ya ho fetolwa ha aterese kapa dintlha tsa motho kapa mokgatlo (NCP).
  4. O tlameha ho isa dintho tse latelang:
    • Boitsebiso bo amohelehileng jwalokaha bo hlokwa ke molao wa Aforika Borwa (mohlala, tokomane ya boitsebiso (ID), ID ya nakwana, phaseporoto e molaong ya Aforika Borwa, kapa phaseporoto ya naheng ya kantle e nang le tumello ya boahi ba moshwelella)
    • Dinepe tse nne tse tlwaelehileng tsa boholo ba dinepe tsa ID
    • Laesense ya ho kganna ya naheng ya kantle ya moraorao
    • Bopaki ba boahi ba moshwelella ba Rephaboliki ya Aforika Borwa
    • Bopaki ba hore o ne o se moahi wa moshwelella wa Aforika Borwa nakong eo laesense ya ho kganna ya naheng ya kantle e neng e ntshuwa (mohlala, o ka hlahisa phaseporoto, tumello ya boahi ba moshwelella kapa visa)
    • Lengolo la phetolelo ya puo e sebedisitsweng lengolong la hao la ho kganna, e fetoletsweng ke lekgotla le nang le bokgoni, haeba lengolo leo la ho kganna le sa ngolwa ka enngwe ya dipuo tsa semmuso tsa Aforika Borwa
    • Netefatso e tswang lekgotleng le ntshang mangolo a ho kganna e bolelang hore o na le laesense ya ho kganna e molaong (e hlalosang dikhoutu le maemo a tshwanelehileng a koloi eo o dumelletsweng ho e kganna) le sa hlakolwang kapa hona ho fanyehwa
    • Boemong ba Tumello ya ho Kganna ya Matjhabatjhaba (IDP), o tlameha ho isa laesense ya ho kganna lekgotleng leo tumello eo e ntshitsweng ho lona
    • Bopaki ba aterese ya poso le ya moo o dulang; mohlala, lengolo la akhaonte ya tshebeletso. Haeba lengolo la tshebeletso le se lebitsong la hao, monga lengolo o tlameha ho etsa lengolo le hlapanyeditsweng le hlalosang hore wena o dula atereseng eo, mme lengolo la tshebeletso le tlameha ho qhwaellwa lengolong leo le hlapanyeditsweng.
    • Haeba o dula sebakeng sa baipei, o tlameha ho tla le lengolo le nang le setempe sa semmuso le tswang ho molekgotla wa tikoloho, le netefatsang aterese ya hao ya poso le ya moo o dulang teng
  5. DLTC e tla ntsha laesense ya ho kganna haeba e kgotsofetse hore:
    • o monga laesense ya ho kganna ya naheng ya kantle
    • O tla neelana ka laesense ya hao ya ho kganna ya naheng ya kantle, ha o newa laesense ya ho kganna ya Aforika Borwa.
    • Ho ke ke ha hlokeha hore o iswe ditlhahlobong tsa laesense ya ho kganna, empa teko ya mahlo yona e tla etswa hona setsing seo pele ho phethelwa phapanyetsano.

Nako ya tshebetso

Nako ya ho fetolela laesense e fapane ho latela setsha sa diteko tsa kganna ka seng.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ho etsa kopo ya laesense ya ho kganna e tholahala setsheng sefe kapa sefe sa ho etsa diteko tsa ho kganna le ho eNatis.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact your local department of transport

Share this page