Kopo ya ho hlakola ngodiso kapa ho fedisa khampani ya ba mmalwa (CC)

Ha khamphani kapa Khoporeishine ya hao ya Tshebedisano e emisa ho sebetsa, o ka hlakola ngodiso ya yona le Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC). Hape e ka fediswa ka lebaka la tlhaolo.

  • Tlhakolo ya ngodiso e bolela hore kgwebo e emisitse ho ngodiswa jwaloka khamphani kapa Khoporeishine ya hao ya Tshebedisano (ha ho na motho kapa dikgato tsa molao) ka ha e se e sa sebetse jwaloka kgwebo mme e se e se na dithoto kapa dikoloto tse itseng.
  • Nehelano e bolela hore kgwebo e emisa ho sebetsa (ka bokgutswane ka lebaka la mathata a ditjhelete). Ha kgwebo ya hao e na le dithoto, dikoloto, kapa bobedi ba tsona, jwale o tla lokela ho latela tsela ya nehelano.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le tlhakolo ya ngodiso kapa nehelano ya khamphani ho tswa ho Khomishine ya Thepa le Boikgathatso ba Dikhamphani (CIPC) kapa letsetsa CIPC ho 086 100 2472.

 

Share this page