Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya radio ya motse

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona  

 

 

Tlhaloso

Laesense ya Kgaso ya Motse e sebeletsa ditlhoko tsa kgaso tsa motse bakeng sa nako ya boholo ba dilemo tse nne. Yona e ya ntjhafatswa, ha feela o etsa kopo ya ntjhafatso ya laesense e seng pele ho dikgwedi tse tsheletseng pele nako ya yona e fela kapa e seng ka mora dikgwedi tse tharo nako ya yona e fedile. Yona e ntjhafatswa feela ha moga laesense a latetse dipehelo tsa bolaodi ba dilaesense. Laesense e fuwa baahi ba ipopang ho ba khampani ya Karolo ya 21, Terasete, mokgatlo wa baithaopi kapa mokga ofe kapa ofe wa semolao mme o sa etseng diphaello. Maikemisetso a dilemo tse nne tsa Laesense ya Kgaso ya Motse ke ho fihlela ho latelang:

  • ntshetsopele ya tokelo ya dikgokahano le bolokolohi ba ho ikutlwahatsa
  • ho dumella ho fapafapana ka hara indasteri ya kgaso
  • ho etsa hore baahi jwalo ka bahlahisi, batsamaisi le bamamedi ba be le seabo se mafolofolo tshebetsong ya dikgokahano
  • ho ba lentswe la baahi
  • ho fana ka mananeo a tla bontsha dikgahleho le ditlhoko tse ikgethang tsa baahi, ho kenyelletsang le ditlhoko tsa setso, puo, bodumedi le dipalopalo tsa baahi.

Ho ka fanwa ka Laesense ya Dilemo tse nne ya Kgaso ya Motse tlasa dihlopha tsena tse latelang:

  • Tshebeletso ya kgaso ya radio
  • Tshebeletso ya kgaso ya thelevishene.

Laesense e sebetsa dilemo tse nne.

Lefapha la Dikgokahano le tshehetsa beng ba dilaesense tsa dilemo tse nne tsa disebediswa tsa kgaso le tlhahiso, ha feela ba fihlela ditlhoko tsa Lefapha.

Mehato e latelwang

ICASA e tla ntsha memo ya hore ho etswe kopo ya tshebeletso ya kgaso ya motse e be e abela dibaka tse fapaneng di-frequency tse leng teng. Jwalo ka mokopi wa laesense, o lokela ho etsa hona ho latelang:

  • Ho hloma sehlopha sa tshebetso se tla ba le boikarabelo ba tshebetso ya kopo mme se sebetse jwalo ka mokopi lebitsong la motse.
  • Etsa bonnete ba hore sehlopha sa tshebetso se etsa hona ho latelang:
    • bokella ditshaeno baahing
    • ngola moralo wa kgwebo
    • thusa ka hore ho be le dikgetho tsa demokerasi bakeng sa ditho tsa Boto
    • hlwaya sebaka sa studio le setsha sa transmishene.
  • Kopa foromo ya kopo ya tshebeletso ya kgaso le kabo ya signal.
  • Tlatsa foromo ya kopo ka ho hatisa, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
  • Romela foromo ya mantlha ya kopo le dikhopi tse ding tse tiiseditsweng ho ICASA mmoho le tefello ya kopo.

Dikopo tse sa tlwatsang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme re ke ke ra amohla boikarabelo ba tshitiso efe kapa efe.

Maemo a tshebeletso

Ho ka nka dikgwedi tse 3 ho isa ho tse 4.

Ditjeo

2023/24

Diforomo tse tlatsuwang

Foromo ya kopo e tla ba karolo ya dishejulu tsa Koranta ya Mmuso.

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Icasa head office

Tel: 012 568 3000/3001
E-mail: info@icasa.org.za 

Physical address: 350 Witch-Hazel Ave, Eco-Park Estate, Centurion, 0144
Postal address: Private Bag X10, Highveld Park 0169

Regional offices

Share this page