Etsa kopo bakeng sa Laesense ya Tshebetso ya Kgwebo ya Kgaso

Dintlha ka
Seo o tshwanelang ho se etsa
Ho nka nako e kae
Ho bitsa bokae
Diforomo tse tlatsuwang
O ka ikopanya le mang

 

 

Dintlha mabapi le laesense ya tshebetso ya kgwebo ya kgaso

Laesense ya Tshebeletso ya Kgwebo ya Kgaso e ntshwang bakeng sa tshebeletso ya kgaso e sebeletsang phaello kapa e le karolo ya kgwebo ya phaello. Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa ke lona feela le nang le laesense ya ho ba kgaso ya setjhaba Aforika Borwa.

Mang kapa mang ya ikemiseditseng ho nehelana ka tshebeletso ya kgwebo ya kgaso o lokela ho ba le laesense ya kgwebo ya kgaso ya medumo.

Foromo ya kopo le dibaka tse lohothilweng tsa kgaso di ba karolo ya Memo ya ho Etsa Kopo e kgethehileng e phatlaladitsweng Koranteng ya Mmuso.

Seo o tshwanelang ho se etsa

  1. Tlatsa foromo ya kopo ka ho ngola ka ditlhaku tse kgolo.
  2. Romela lengolo la nnete le dikhopi tse netefaditsweng tse 16 tsa foromo ya kopo le tefello ya kopo e sa busetsweng ho Bolaodi bo Ikemetseng ba Dikgokahanyo ba Aforika Borwa.
  3. Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di ka kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho na boikarabelo bofe kapa bofe ba ho se kgotsofale bo tla amohelwang.

Ho nka nako e kae

Laesense e ka loka ka mora dikgwedi tse 12.

Ho bitsa bokae

Tariffs 2023/24

Diforomo tse tlatsuwang

Foromo ya Kopo e tla ba karolo ya merero e tla phatlalatswa Koranteng ya Mmuso.

O ka ikopanya le mang

 

ICASA head office

Tel: 012 568 3000/3001
E-mail: info@icasa.org.za 

Physical address: 350 Witch-Hazel Ave, Eco-Park Estate, Centurion, 0144
Postal address: Private Bag X10, Highveld Park 0169

Regional offices

Share this page