Satifikeiti sa lenaneo la ntshetsopele ya ngwana a sa le monyane (ECD)

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae 
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le kopo ya satifikeiti sa lenaneo la ntshetsopele ya ngwana a sa le monyane (ECD)

Ana o tsamaisa setheo sa ntshetsopele ya ngwana a sa le monyane (ECD) mme o batla ho nehelana ka thuto le tshehetso e tshwanelehileng ya ntshetsopele bakeng sa dilemo, mohato le ditlhoko tsa bana bao o ba kgathallang, ho kenyeletsa bana ba hlokang boitekanelo, ba nang le malwetse a sa foleng le ditlhoko tse ding tse ikgethang?

O ka etsa kopo ya satifikeiti sa lenaneo la ECD ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano kapa ofising ya Mmasepala.

Kopo ya hao e ka ananelwa bakeng sa nako e sa feteng dilemo tse hlano.

  • Hore kopo ya hao e tadinngwe, lenaneo la ECD le tlameha ho ikobela ditekanyetso le maemo a latelang a balletsweng:
  • Le nehelane ka menyetla e tshwanelehileng ya ntshetsopele
    • Le ikemisetse ho thusa bana ho hlokomela bokgoni ba bona bo feletseng
    • Le hlokomele bana ka mokgwa o ahang mme le nehelane ka tshehetso le polokeho
    • Le etse bonnete ba ntshetsopele ya boitshwaro bo botle ba phedisano
    • Le hlomphe mme le baballe setso, moya, seriti, boinotshi le puo ya ngwana ka mong, mme
    • Le kgotsofatse ditlhoko tsa ntshetsopele tsa ngwana ka mong tsa kameho, thuto, maikutlo, moya, boitshwaro, mmele, phedisano le kgokahano
    • O tlameha
    • Ho phela hantle mme o tshwanelehe
  • O be le dithuto tse tshwanelehileng tsa ECD, le bokgoni, kwetliso le
  • bonyane ba dilemo tse tharo o sebetsa lekgalong la ntshetsopele ya bana ba sa le banyane

Thusa o hlokomele: Hore o tshwanelehe ho fumana tshehetso ya ditjhelete ya mananeo a ECD, o tlameha ho kgotsofatsa ditekanyetso le maemo a naha a balletsweng. Tshehetso ya ditjhelete e behwa pele baahing bao malapa a bona a hlokang matla a ho nehelana ka lehae, dijo le ditlhoko tsa motheo tsa bophelo baneng ba bona.

O lokela ho etsang

  • Etsa kopo ya ngodiso kapa ngodiso e itshetlehileng ya lenaneo la ECD ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano kapa ofising ya Mmasepala moo o tlang ho nehwa Foromo 16 hore o e tlatse.
  • Kopo ya hao e tlameha ho fupara dintho tse latelang:
    • Lebitso la hao le nomoro ya boitsebiso
    • Aterese ya hao ya sebaka le ya poso
    • Dintlha tsa lenaneo la ECD
    • Moralo wa phethahatso wa lenaneo la ECD
    • Kaho ya basebetsi ya batho ba tla ba le boikarabelo ba ho nehelana ka lenaneo la ECD
    • Ditatemente tsa ditjhelete tsa setheo sa ECD
    • Tokollo e ntshuwang ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ho etsa bonnete ba hore lebitso la hao le a ditho tsa basebetsi ha le hlahe ho Karolo B ya National Child Protection Register kapa ho National Register for Sex Offenders
    • Dithuto tsa hao, bokgoni le boiphihlelo
  • Hang ha kopo ya hao e amohetswe, o tla nehwa satifikeiti sa ngodiso kapa sa ngodiso e itshetlehileng kapa ntjhafatso ya ngodiso.
  • Diketelo tse tswellang tsa tekolo ke bahlanka ba Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano le ba mmasepala di tla etsuwa setheong sa hao.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka ho ya dikgweding tse tharo hore ho ntshuwe Satifikeiti sa Ngodiso sa hao.

Ditjeo ke bokae

Ho ka nka ho ya dikgweding tse tharo hore ho ntshuwe Satifikeiti sa Ngodiso sa hao.

Diforomo tse tlatswang

Tshebeletso ena ke ya mahala.

Dintlha tsa ho iteanya

Lenane la boiteanyo la diofisi tsa provense tsa Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano

 

 

Share this page