Ngodisa dithuso tsa karolo ya tlhokomelo – thuso ya Ntshetsopele ya Ngwana a sa le Monyane (ECD)

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae 
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho ngodisa thuso ya karolo ya tlhokomelo – thuso ya Ntshetsopele ya Ngwana a sa le Monyane (ECD)

Ha o hlokomela bana ba ka hodimo ho ba tsheletseng (ba dilemo tse 0-6) lebitsong la batswadi kapa bahlokomedi ba bona ka nako ya dihora tse itseng tsa motsheare kapa bosiu, kapa bakeng sa nakwana, ka tumellano pakeng tsa batswadi kapa bahlokomedi, o ka etsa kopo ya ngodiso kapa ngodiso e itshetlehileng ya thuso ya karolo ya tlhokomelo – thuso ya Ntshetsopele ya Ngwana a sa le Monyane (ECD) Lefapheng la Ntshetsopele ya Phedisano kapa ofising ya Mmasepala e haufi le wena.

Ho theha kapa ho tsamaisa thuso ya karolo ya tlhokomelo – thuso ya ECD, e tsejwang hape jwalo ka crèche, thuso e tlameha hore:

  • e ngodise mmusong wa provense moo thuso e leng teng
  • e laolwe mme e bolokwe ka tshwanelo (Guidelines for Early Childhood Development Centres)
  • e kgotsofatse ditekanyetso le maemo a naha a latelang:
    • tikoloho e bolokehileng bakeng sa bana
    • tlhokomelo e nepahetseng bakeng sa bana ba kulang kapa ba hlahelwang ke ho kula
    • sebaka se lekaneng le moya o kenang le o tswang
    • metsi a bolokehileng a ho nwa
    • dithuso tse hlwekileng le matlwana
    • sebaka se bolokehileng bakeng sa dintho tse ka bang kotsi baneng
    • ho fihlella ditshebeletsong tsa ho lahla dikgwerekgwere kapa mekgwa e meng ya ho lahla dikgwerekgwere tse hlahiswang ke thuso
    • sebaka se hlwekileng sa ho lokisetsa bana dijo
    • mehato ya ho arohanya bana ba dihlopha tse fapaneng tsa boholo
    • ho rala meralo ya mehato e nkuwang ditshohanyetsong, le
    • ho rala maano le mekgwatshebetso mabapi le tlhokomelo ya bophelo thusong.

Dithuso tsa karolo ya tlhokomelo bakeng sa bana ba hlokang boitekanelo kapa ba malwetse a sa feleng di tlameha

  • ho fihlelleha baneng ba jwalo
  • ho nehelana ka dithuso tse kgotsofatsang ditlhoko tsa bana ba jwalo
  • ho nehelana ka kwetliso ho batho ba hiruweng thusong

Thuso ya karolo ya tlhokomelo e ka tshwaneleha ho fumana tshehetso ya ditjhelete e tswang ho mmuso ha e kgotsofatsa ditekanyetso le maemo, mme ha thuso e le sebakeng sa baahi moo malapa a hlokang matla a ho nehela ka lehae la nnete, dijo le ditlhoko tse ding tsa motheo tsa bophelo baneng ba ona.

O lokela ho etsang

  • Etsa kopo ya ngodiso kapa ngodiso e itshetlehileng ya thuso ya karolo ya tlhokomelo – ya Ntshetsopele ya Ngwana ya sa leng Monyane (ECD) ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano kapa ofising ya Mmasepala moo o tlang ho nehwa Foromo 11 hore o e tlatse.
  • Kopo ya hao e tlameha ho fupara dintho tse latelang:
  • dintlha tsa hao (ID, aterese le dinomoro tsa fono, jj.)
  • aterese ya sebaka le ya poso ya thuso ya karolo ya tlhokomelo
  • palo ya bana ba tla amohelwa thusong
  • Dithuto tsa hao, bokgoni le boiphihlelo
  • Tlhaloso ya dikahare tsa mananeo le ditshebeletso tse tla nehelwa, ho kenyeletsa le maikemisetso le ditakatso.
  • Romela dintho tse latelang:
    • Moralo wa tsamaiso o fupereng:
      • Dihora tsa mosebetsi tsa thuso ya karolo ya tlhokomelo
      • Sebopeho sa tefo
      • Moralo wa tlhokomelo ya motsheare
      • Kaho ya basebetsi, mmoho
      • Le leano la kgalemelo
    • Molao wa motheo o fupereng:
      • Lebitso la thuso ya karolo ya tlhokomelo
      • Sebopeho, matla le mesebetsi ya bolaodi
    • Kopi ya sethatho ya meralo e amohetsweng ya meaho
    • Leano la tshohanyetso
    • Satifikeiti sa tokollo
    • Satifikeiti sa tsa bophelo se tswang ho mmasepala wa lehae
  • Diketelo tse tswellang tsa tekolo ke bahlanka ba Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano le ba mmasepala di tla etsuwa thusong ya hao.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka ho ya dikgweding tse tharo hore ho ntshuwe Satifikeiti sa Ngodiso sa hao.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ena ke ya mahala.

Diforomo tse tlatswang

Foromo 11 e a fumaneha Lefapheng la Ntshetsopele ya Phedisano kapa ofising ya Mmasepala e haufi le wena.

 

Share this page