Krante ya ngwana eo eseng wa hao

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le krante ya ngwana eo eseng wa hao

Fumana krante ho hlokomela ngwana eo eseng wa hao. Ngwana eo eseng wa hao ke ngwana ya beilweng tlhokomelong ya hao ke lekgotla ka lebaka la hore:

  • ke kgutsana
  • o lahlilwe
  • o kotsing
  • o hlekefaditswe
  • ha a tsotellwe.

O tseba jwang haeba o wa tshwaneleha?

Ho tshwaneleha:

  • o tlameha ho ba moahi wa Aforika Borwa, modudi wa nako yohle kapa mophaphathehi
  • wena le ngwana le tlameha ho phela Aforika Borwa
  • ngwana eo eseng wa hao o tlameha hore a be a beilwe tlhokomelong ya hao semolao mme ngwana o tlameha ho dula a le tlhokomelong ya hao
  • ngwana o tlameha ho ba ka tlase ho dilemo tse 18.

O tla fumana bokae?

O tla fumana R1 180 ka kgwedi bakeng sa ngwana ka mong.
O tla lefuwa jwang?

Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) le tla o lefa krante ena ka e nngwe ya ditsela tse latelang:

  • kontane sebakeng se itseng sa tefo ka letsatsi le kgethilweng
  • dephositi ya elektroniki ho banka ya hao kapa akhaonte ya Postbank (banka e kanna ya o lefisa bakeng sa tshebeletso ena) 
  • setsi se sebetsang jwalo ka motsamaisi wa krante (mohlala, mekgatlo ya thuso ya batho ba hlokang).

Hlokomela: Haeba o sa kgone ho itatela tjhelete ka bowena, o ka kgetha moemedi dikantorong tsa SASSA, kapa o fe motho e mong matla a ho o sebeletsa hore a o latele krante.

Krante ya hao e ka lekolwa botjha neng?

Krante e tla lekolwa botjha ha taelo ya lekgotla e fellwa ke nako. Hajwale hoo ho etsahala dilemo tse ding le tse ding tse pedi. O tla tsebiswa dikgwedi tse tharo pele ho hlokahala hore krante e lekolwe botjha.

Haeba o fumana tjhelete ya hao ka banka, setsi kapa moemedi, ho hlokwa hore o tlatse lengolo la bophelo (tokomane e pakang hore o ntse o phela) dikantorong tsa SASSA selemo le selemo.

Krante ya hao e ka fanyehwa neng?

Dintho tse latelang di ka lebisa ho ho fanyehwa hwa krante ya hao:

  • haa maemo a hao a fetoha
  • sephetho sa tekolo botjha
  • haeba o hana ho sebedisana mmoho ha krante ya hao e lekolwa
  • ha o ka etsa boqhekanyetsi kapa o bua dintho tse seng nnete ka wena
  • haeba ho bile le phoso ha krante ya hao e amohelwa.

Krante ya hao e ka fela neng?

Krante e ka fela ha:

  • ngwana a ka hlokahala kapa ha ho ka hlokahala mohodisi wa ho qetela eo eseng motswadi
  • ngwana a ka amohelwa setsing sa mmuso
  • ha krante e sa latwe bakeng sa dikgwedi tse tharo tse latellanang
  • ha o le siko kahare ho naha
  • haeba ngwana a se a se kgodisong ya hao
  • haeba o se o se mophaphathehi.

Seo o lokelang ho se etsa

  1. Eya kantorong e haufi le moo o dulang ya Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) mme o tle le dintho tse latelang:
    • Tokomane ya hao ya boitsebiso e dinomoro tse 13 e nang le khoutu ya bara (ID) le lengolo la tlhaho la ngwana.
    • Haeba o le mophaphathehi, phemiti ya hao ya boemo le ID ya bophaphathehi.
    • Haeba o sena ID kapa lengolo la tlhaho la ngwana:
      • Tlatsa afidafiti foromong e tlwaelehileng ya SASSA botenng ba Mohlapantshi ya sa sebeletseng SASSA.
      • Tloho le polelo e hlapantshitsweng e tekenweng ke motho ya hlomphehang (jwalo ka mokhanselara, moetapele wa setso, mosebeletsi wa setjhaba, moruti wa bodumedi kapa mosuwehlooho wa sekolo) ya tsebang wena le ngwana.
      • Mosebeletsi wa SASSA o tla nka dikgatiso tsa menwana ya hao mme a o supise ho Lefapha la Merero ya Lehae ho ya etsa kopo ya ID ha kopo ya hao e ntse e sebetswa. Haeba o sa fumane ID, krante e tla fanyehwa.
      • Fana ka bopaki ba hore o entse kopo ya ID le/kapa lengolo la ngwana la tlhaho Lefapheng la Merero ya Lehae.
      • Fana ka ID ya nakwana e fanweng ke Lefapha la Merero ya Lehae (haeba ho hlokeha).
      • Hlahisa lengolo la kolobetso haeba le le teng.
      • Nehelana ka karete ya tleliniki haeba e le teng
      • Haeba ngwana a kena sekolo, fana ka lengolo la ngwana la sekolo.
    • Lengolo/mangolo a tswalo a ngwana/bana, kapa ditokomane tsa bona tsa boitsebiso ho tswa naheng ya bona ya tlhaho
    • Taelo ya lekgotla e beileng ngwana tlasa tlhokomelo ya hao
    • Bopaki ba boemo ba hao ba lenyalo.
  2. Tlatsa foromo ya kopo botenng ba mosebeletsi wa SASSA (hlokomela hore ke wena feela jwalo ka mokopi kapa mosebeletsi wa SASSA ya ka tlatsang foromo ya kopo).
  3. O tla fuwa rasiti. E boloke jwalo ka bopaki ba hore o entse kopo.

Haeba kopo ya hao e sa amohelwe teng?

Haeba kopo ya hao e sa amohelwe, SASSA e tla o tsebisa ka lengolo hore na hobaneng e sa atleha.

Haeba o hanana le qeto, o ka ipiletsa ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba kantorong ya naha ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, o hlalosa hore na hobaneng ha o hanana le qeto. O tlameha ho ipiletsa nakong ya matsatsi a 90 a ho tsebiswa hore kopo ya hao ha e ya atleha.

Ho nka nako e kae

  • Ho ka nka ho fihla ho dikgwedi tse tharo ho sebetsa kopo ya hao.
  • Haeba kopo ya hao e amohelwa, o tla lefuwa ho tloha ka mohla oo lekgotla le beileng ngwana tlasa tlhokomelo ya hao.

Ho bitsa bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse lokelang ho tlatswa

Foromo ya kopo ha e fumanehe inthaneteng, empa o ka e fumana kantorong e haufi le wena ya SASSA.

O ka iteanya le mang

Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA)

 

SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email:  GrantEnquiries@sassa.gov.za

Share this page