Krante ya ho hlokomela ngwana ya nang le bokowa bo totileng

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le krante ya ho hlokomela ngwana ya nang le bokowa bo totileng

Fumana krante ya ho hlokomela ngwana ya nang le bokowa bo totileng mme a hloka tlhokomelo ya nako tsohle hape e kgethehileng.

Krante ya ho hlokomela ngwana ya nang le bokowa bo totileng e sebeletsa bana ho tloha ha ba hlaha ho fihlela ba tshwara dilemo tse 18.

O tseba jwang haeba o wa tshwaneleha?

O tlameha ho:

  • ba motswadi, mohlokomedi wa mantlha kapa mohodisi eo eseng motswadi ya kgethilweng ke lekgotla
  • ba moahi wa Afrika Borwa kapa modudi wa nako yohle
  • o seke wa kgola ho feta R223 200 ka selemo haeba o sa nyala/nyalwa. Lekeno la lona le kopantsweng le seke la ba kahodimo ho R446 400  ka selemo haeba o nyetse/nyetswe.

Hlokomela: Moedi ona wa lekeno ha o sebetse ho bahodisi bao eseng batswadi.

Ngwana o tlameha ho:

  • ba ka tlase ho dilemo tse 18
  • re ebe ha a hlokomelwe ka nako tsohle setsing sa mmuso
  • ba le bokowa bo totileng mme a hloka tlhokomelo ya nako yohle le e kgethehileng.

Bobedi wena le ngwana le tlameha ho dula naheng ya Aforika Borwa.

Hlokomela: Mosebeletsi wa mmuso wa tsa bongaka o tlameha ho lekola ngwana pele krante e ka fanwa.

O tla fumana bokae?

O tla fumana R2 180 ka kgwedi.

O tla lefuwa jwang?

Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) se tla o lefa krante ena ka e nngwe ya ditsela tse latelang:

  • kontane sebakeng se itseng sa tefo ka letsatsi le kgethilweng
  • dephositi ya elektroniki ho banka ya hao kapa akhaonte ya Postbank (banka e kanna ya o lefisa bakeng sa tshebeletso ena) 
  • setsi se sebetsang jwalo ka motsamaisi wa krante (mohlala, mekgatlo ya thuso ya batho ba hlokang).

Hlokomela: Haeba o sa kgone ho itatela tjhelete ka bowena, o ka kgetha moemedi dikantorong tsa SASSA, kapa o fe motho e mong matla a ho o sebeletsa hore a o latele krante.

Krante ya ngwana e ka lekolwa botjha neng?

SASSA e ka nka qeto ya hore na krante ya hao e tlameha ho lekolwa botjha. Mokgolo wa hao oo o o boletseng ha o etsa kopo ya thuso e tla ba ona motheo wa qeto ena. O tla tsebiswa dikgwedi tse tharo pele ho letsatsi leo ka lona tekolo botjha e tla etswa kapa letsatsi leo ka lona lengolo la bophelo (tokomane e pakang hore o ntse o phela) le hlokwang. Haeba o fumana tjhelete ya hao ka banka, setsi kapa moemedi, ho hlokwa hore o tlatse lengolo la bophelo dikantorong tsa SASSA selemo le selemo.

Krante ya ngwana e ka fanyehwa neng?

Dintho tse latelang di ka lebiswa ho ho fanyehwa hwa krante:

  • ha maemo a ngwana a fetoha
  • sephetho sa tekolo botjha
  • haeba o hana ho sebedisana mmoho ha krante ya ngwana e lekolwa botjha
  • ha o ka etsa boqhekanyetsi kapa o bua dintho tse seng nnete ka ngwana
  • haeba ho bile le phoso ha krante ya ngwana e amohelwa.

Krante ya hao e ka fela neng?

Krante e ka fela ha:

  • ngwana a hlokahala
  • ngwana a amohelwa setsing sa mmuso
  • mojalefa eo e leng mohlokomedi a sa late krante bakeng sa dikgwedi tse tharo tse latellanang
  • ngwana a le siko kahare ho naha
  • ngwana a tshwara dilemo tse 18.

Seo o lokelang ho se etsa

  1. Eya kantorong e haufi le moo o dulang ya Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) mme o tle le dintho tse latelang:
    • Tokomane ya hao ya boitsebiso e dinomoro tse 13 e nang le khoutu ya bara (ID) le lengolo la tlhaho la ngwana. Haeba o sena ID kapa lengolo la tlhaho la ngwana:
      • Tlatsa afidafiti foromong e tlwaelehileng ya SASSA botenng ba Mohlapantshi ya sa sebeletseng SASSA.
      • Tloho le polelo e hlapantshitsweng e tekenweng ke motho ya hlomphehang (jwalo ka mokhanselara, moetapele wa setso, mosebeletsi wa setjhaba, moruti wa bodumedi kapa mosuwehlooho) ya ka netefatsang lebitso la hao le dilemo tsa hao.
      • Mosebeletsi wa SASSA o tla nka dikgatiso tsa menwana ya hao mme a o supise ho Lefapha la Merero ya Lehae ho ya etsa kopo ya ID ha kopo ya hao e ntse e sebetswa. Haeba o sa fumane ID, krante e tla fanyehwa.
      • Bopaki ba hore o entse kopo ya ID le/kapa lengolo la tlhaho Lefapheng la Merero ya Lehae.
      • ID ya nakwana e fanweng ke Lefapha la Merero ya Lehae (haeba ho hlokeha).
      • Lengolo la kolobetso haeba le le teng.
      • Karete ya tleliniki haeba e le teng.
      • Raporoto ya sekolo haeba e le teng.
    • Tlaleho ya bongaka/tlhahlobo e netefatsang bokowa ba ngwana.
    • Bopaki ba boemo ba hao ba lenyalo.
    • Setlankana sa hao sa mokgolo, ditatamente tsa banka bakeng sa dikgwedi tse tharo tse fetileng, kapa ditlankana tsa penshene, le bopaki bofe kapa bofe bo bong ba lekeno. (Hlokomela: hona ha ho sebetse bakeng sa batswadi bao eseng ba molao bao e leng baphaphathehi.)
    • Haeba o:
      • se motswadi wa ngwana, bopaki ba hore o mohlokomedi wa mantlha ka afidafiti e tswang ho mosebeletsi wa sepolesa, tlaleho ya mosebeletsi wa setjhaba, afidafiti e tswang ho motswadi wa tlhaho wa ngwana kapa lengolo le tswang ho mosuwehlooho wa sekolo seo ngwana a kenang ho sona
      • motswadi wa tlhaho wa ngwana mme e le wena feela ya mo tshehetsang le ho mo hlokomela, bopaki ba hore o lekile ho etsa motswadi e mong hore a lefelle tlhokomelo ya ngwana
      • sa sebetse, bopaki ho tswa ho Letlole la Inshorense ya Batho ba felletsweng ke mosebetsi (UIF) kapa lengolo la tokollo ho tswa ho mohiri wa hao wa pele
      • mohodisi eo eseng motswadi eo e leng mophaphathehi, phemiti ya boemo ba bophaphathehi le ID ya bophaphathehi
      • mohodisi eo eseng motswadi wa ngwana, taelo ya lekgotla e behang ngwana tlasa tlhokomelo ya hao.
      • Hlokomela: Haeba o le moholo haholo kapa o kula haholo ho ya kantorong ho ya etsa kopo, e mong wa lelapa kapa motswalle a ka etsa kopo bakeng sa hao. Motho eo o lokela ho nka lengolo ho wena le/kapa lengolo la ngaka o bolelang hore na hobaneng o sa kgone ho tla kantorong.
  2. SASSA e tla lebisa ngwana hore a lo lekolwa ke mosebeletsi wa mmuso wa bongaka pele kopo e etswa.
  3. Tlatsa foromo ya kopo botenng ba mosebeletsi wa SASSA (lemoha hore ke wena feela jwalo ka mokopi kapa mosebeletsi wa SASSA ya ka tlatsang foromo ya kopo).
  4. O tla fuwa rasiti. E boloke jwalo ka bopaki ba hore o entse kopo.

Haeba kopo ya hao e sa amohelwe teng?

Haeba kopo ya hao e sa amohelwe, SASSA e tla o tsebisa ka lengolo hore na hobaneng e sa atleha.

Haeba o hanana le qeto, o ka ipiletsa ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba kantorong ya naha ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, o hlalosa hore na hobaneng ha o hanana le qeto. O tlameha ho ipiletsa nakong ya matsatsi a 90 a ho tsebiswa hore kopo ya hao ha e ya atleha.

Ho nka nako e kae

  • Ho ka nka ho fihla ho dikgwedi tse tharo ho sebetsa kopo ya hao.
  • Haeba kopo ya hao e amohelwa, o tla lefuwa ho tloha ka mohla oo o entseng kopo ka ona.

Ho bitsa bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse lokelang ho tlatswa

Foromo ya kopo ha e fumanehe inthaneteng, empa o ka e fumana kantorong e haufi le wena ya SASSA.

O ka iteanya le mang

Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA)

 

SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email: GrantEnquiries@sassa.gov.za

 

Share this page