Phediso ya boimana

Phediso ya boimana ke ha mosadi a nka qeto ya ho fedisa boimana ba hae ka mokgwa wa bongaka pele ho nako eo bo lokelang ho fihla ho yona. Mosadi o tlameha hore a be a imme bakeng sa nako e ka tlase ho dibeke tse 13 hore a fedise boimana ba hae ntle le ho fana ka mabaka.

Haeba a imme bakeng sa nako ya dibeke tse pakeng tsa tse 13 le tse 20, boimana bo ka fediswa feela tlasa maemo a itseng. Haeba a se a imme bakeng sa nako e fetang dibeke tse 20, e tla etswa hafeela bophelo ba hae kapa ba lesea la hae bo le kotsing kapa hona le kgonahalo ya hore ho tla ba le bokowa bo boholo ha ngwana a hlaha.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka phediso ya boimana kapa o iteanye le Lefapha la Bophelo bo Botle ho 012 395 8000.

 

Share this page