Ngodisa tswalo

O tlameha ho ngodisa tswalo ya ngwana wa hao nakong ya matsatsi a 30 kamora hore a hlahe. Tswalo e ka ngodiswa ke motswadi, mohlokomedi kapa motho e mong osele ya ikarabellang semolao bakeng sa ngwana ofising ya Lefapha la Merero ya Lehae. Haeba o le mose-ho-mawatle, tswalo e ka ngodiswa embasing e haufi le wena kapa ntlong ya boqosa.

Ngodiso ya tswalo kamora matsatsi a 30 e nkwa e le ngodiso e fetilweng ke nako mme ho tla ba le ditlhoko tse ekesetsehileng tse batlwang.

Hang ha tswalo ya ngwana e qeta ho ngodiswa, ho fanwa ka lengolo la tswalo le sa kgutsufatswang mahala. O ka etsa kopo bakeng sa lengolo le leng la tswalo le sa kgutsufatswang, leo o tla lokela ho le lefella la tswalo le sa kgutsufatswang. Lengolo la tswalo le sa kgutsufatswang lea hlokeha haeba o batla ho etela kantle ho naha le ngwana.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka ho ngodisa tswalo, iteanye le Lefapha la Merero ya Lehae.

 

 

Share this page