Ho etsa kopo ya Adopshene ya Ka hara Naha e nang le karolo ya ho adoptha ho tswa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe hape

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho etsa kopo ya Adopshene ya Ka hara Naha e nang le karolo ya ho adoptha ho tswa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe hape

Ha o le motho ya tswang naheng e nngwe mme o dula Afrika Borwa mme o batla ho adoptha ngwana wa Afrika Borwa, o lokela ho iteanya le mosebeletsi wa setjhaba kapa mokgatlo o ananetsweng ka molao le ha e se bao ba ananetsweng ka molao bakeng sa adopshene tsa ho tswa naheng e nngwe ho ya ho e nngwe hape.

O lokela hore o be o bile ka hara naha nako e ka etsang dilemo tse hlano mme o hlahise bopaki ba bodulo le phemiti ya mosebetsi. O ka etsa kopo ya ho adoptha mme e tla nkuwa jwalo ka adopshene ya boemong ba naha.

O lokela ho etsang

  • Iteanye le ba mokgatlo o tshwanetseng wa ho adoptha o haufi le wena.
  • Mokgatlo wa ho adoptha o tla etsa tekolo / e shebe le thuto ya lapeng ho bona haeba o a tshwaneleha ho adoptha ngwana.
  • Ha mokgatlo o kgotsofetse ka diphetho, ba tla ho kenya Rejistareng ya bana ba ka Adopthiwang le Batswadi ba ka Adopthang e tsejwang ka Register of Adoptable Children and Adoptive Parents (RACAP) ha ba ntse ba o thusa ho batla ngwana ya leng teng bakeng sa ho adopthiwa.
  • Ha ngwana a le teng, ba tla o bitsa hore o tle diofising tsa bona o tlilo bona ngwana e be ba o botsa hore na o kgahlwa ke ho adoptha ngwana eo.
  • Ha o dumela, ba tla o romela raporoto ya hao Lekgotleng la dinyewe tsa Bana ho ya phethahatsa adopshene e be o fuwa taelo ya molao ya ho adoptha.
  • Raporoto ya lekgotla e tla romelwa Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba hore ba tle ba hlahlobe hore na ho latetswe mekgwatshebetso le ho ngola dintlha tsa hao le dintlha tsa ngwana.

Nako ya tshebetso

E fapana ka ho ya ka taba ka nngwe.

Ditjeo ke bokae

O lokela ho lefa mokgatlo o ananetsweng ka molao wa tshireletso ya bana bakeng sa ho adoptha ngwana wa naha e nngwe ho ya ho e nngwe hape

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsohle di fumaneha ofising e haufi le wena ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

Dintlha tsa ho iteanya

Share this page