Puo e Mabapi le Maemo a Setjhaba ka Mohlomphehi Jacob G Zuma, Mopresidente wa Rephaboliki ya Aforika Borwa, Palamenteng ya Kopanelo, Motse Kapa

10 Feb 2011

Sepikara se Hlomphehileng sa Seboka sa Naha,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diporofense (NCOP),
Motlatsi wa Modulasetulo wa Seboka sa Naha le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP,
Motlatsi wa Mopresidente wa Rephaboliki, Mohlomphehi Kgalema Motlanthe,
Mopresidente wa mehleng Thabo Mbeki,
Motlatsi wa Mopresidente wa mehleng FW de Klerk,
Motlatsi wa Mopresidente wa mehleng Baleka Mbete,
Moahlodi e Moholo ya hlomphehileng wa Rephaboliki ya Aforika Borwa, le ditho tsohle tse Hlomphehileng tsa lekala la Toka,
Ditonakgolo tse Hlomphehileng le Dipikara tsa Diporofense tsa rona,
Modulasetulo wa Salga, le baetapele bohle ba mebuso ya lehae,
Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso; Dihloho tsa ditheo tsa puso tse tshehetsang molaotheo wa demokerasi,
Mmusisi wa Banka ya Resefe, Gill Marcus,
Dihloho tsa makala a rona a tshireletso,
Boetapele ba makala ohle ? mesebetsi, kgwebo, dipapadi, le baetapele ba bodumedi,
Ditho tsa mabaka a bodiplomate,
Boraditaba ba Aforika Borwa le ba matjhaba,
MaAforika Borwa a heso, 

Dumelang, good evening, goeie naand, molweni, thobela.

Ke ya o leboha Sepikara se Hlomphehileng sa Seboka sa Naha le Modulasetulo ya Hlomphehileng wa NCOP, bakeng sa monyetla ona wa ho arolelana le maAforika Borwa a heso le baeti ba matjhaba tseo re di entseng le lenaneo la tshebetso leo re le rerileng bakeng sa selemo sena .

Ke bitsitse Kopanelo ena ya Palamente bosiu hape hore bohle, ke kenyeletsa baithuti le basebetsi, ba fumane monyetla wa ho imamella ka bo bona ha mmuso o bua ka dintlha tse amang maphelo a bona.

Re leboha bahlanka ba ka sehlohong bakeng sa ho re fa monyetla ona.

E re hape ke, lebitsong la mmuso, amohele Ditho tsa Palamente hape motseng o motle wa Motse Kapa.

Re lakatsa ho leboha maAforika Borwa ohle a nyehetseng Puong ena ya Maemo a Setjhaba ka ho sebedisa mehlodi ya ditaba e meholo, mehlodi ya kahisano e jwalokaFacebook le Twitter, le ho ikopanya le rona ka kotloloho.

Dinyehelo tsa lona di thusitse haholo.

Hosane e tla be e le dilemo tse 21 Mopresidente wa rona ya ratwang Nelson Mandela a lokolotswe tjhankaneng.

E ne e le motsotso o etsang histori le o ikgethang haholo bakeng sa naha ya rona, o bontshitseng tlholo ya batho ba rona ya bohanyapetsi le kgatello ya kgethollo.

Diketsahalo tsa letsatsi leo di ile tsa lokisetsa ho kenngwa tshebetsong ha pono ya rona ya Aforika Borwa e lokolohileng, e sa kgetholleng ho ya ka morabe, e sa kgetholleng ho ya ka bong, demokerasi, e kopaneng le e nang le tswelopele.

Re kene selemong sa bo 17 sa tokoloho, re malala a laotswe ho kganna Aforika Borwa hore e be naha e atlehileng le e tswetseng pele, re ahella hodima motheo o behilweng ke Mopresidente Mandela.

Ha re tshwaya katleho ena, re isa ditakaletso tse molemo tsa setjhaba ho Ntate Madiba le lelapa la hae, le ho mo lakaletsa ho fola ka potlako.

Baheso,

Re lokela ho amohela nnete ya hore Mopresidente Mandela, eo re mo ratang kaofela, batjha le ba baholo, banna le basadi, ba batsho le ba basweu, ha a sa le motjha dilemong.

Nako le nako, o tla nne a etele dibaka tsa kalafo hore a lekolwe ke dingaka, e leng ntho e tlwaelehileng bakeng sa motho ya dilemong tsa hae.

Re lokela ho mo dumella ho etsa sena ka seriti, mme re nehe ba lelapa le moifo wa bongaka sebaka sa ho mo hlokomela, boemong ba rona, lekunutung.

Re lokela ho mo fa tlhompho ka lebaka la lerato la hae la naha ya habo le batho ba yona, le nyehelo eo a e entseng bakeng sa Aforika Borwa, Aforika le lefatshe.

Re leboha ba lelapa, Motheo wa Nelson Mandela le moifo wa bongaka ka mosebetsi o babatsehang oo ba o etsang, ka ho hlokomela qhoku ena ya lefatshe, eo re leng motlotlo ho e bitsa ya rona.

Re batla ho tiisetsa setjhaba hore Madiba o fumana tlhokomelo ya bongaka e ntle, mme o qhanollotse.

MMOHO RE FIHLETSE TSE NGATA

Baheso,

Re ntse re tswela pele ho bona tswelopele e itseng ha re ntse re sebeletsa ho aha setjhaba se tswetseng pele. Motheo wa dipolotiki o tiile.

Re ahile Molaotheo wa demokerasi o kganyang, o sebetsang e le ka nnete.

Re na le makala a thehilweng ka ho tsitsa a tshehetsang demokerasi le ho tshireletsa ditokelo tsa baahi ba rona, jwaloka Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba, Khomishene ya Aforika Borwa ya Ditokelo tsa Batho, Kantoro ya Mohlakisi Kakaretso, Khomishene ya Ntshetsopele le Tshireletso ya Ditokelo tsa Ditjhabana ho ya ka Setso, Bodumedi le Puo le Khomishene ya Tekatekano ya Bong.

Ka ntle le ho fosa, dikgetho tse akaretsang tsa setjhaba di tshwarwa dilemo tse ding le tse ding tse hlano ho etsa hore maAforika Borwa a kgethe mmuso wakgetho ya bona, tse tsamaiswang ka bokgoni ke Khomishine e Ikemetseng ya Dikgetho.

Re na le Palamente e mafolofolo le ho etsa hore ba phethahatso ba ikarabelle.

Re na le lekala la toka le ikemetseng le tshepetsweng ho ba monamodi wa ho qetela dinyeweng tsa setjhaba. Re na le boraditaba bao bolokolohi ba bona bo ahelletsweng ka hara Molaotheo.

Ntlheng ya ditshebeletso tsa motheo, re ntse re bona tswelopele. Batho ba fetang 400 000 ba tlatsetso ba ile ba fumantshwa metsi a motheo selemong se fetileng. Se ka etsang 81% ya naha e ile ya fumantshwa motlakase ha ho bapiswa le 63% selemong sa 2000.

Dipalopalo tsa botlokotsebe di bontsha ho fokotseha ha diketsahalo tse ngata tsa botlokotsebe, haholoholo tsa ho kgothotswa ho hlometswe, ho tjhwatla matlong le ho kgothotswa ha dikgwebo mmoho le diketso tsa botlokotsebe tsa ho otla, ho tea mohlala, sekgahla sa dipolao se theohile ka diphesente tse 8, 6 selemong se fetileng.

Re etsa phapang thutong, jwaloka ha ho bonahala ka sekgahla se phahameng sa katleho dithutong tsa materiki selemong se fetileng, le thahasello e bontshitsweng ke batjha thutong ka hara naha.

Ditho tse hlomphehileng,

Maaforika Borwa a ka etsang dimilione tse 15 a fumana ditjhelete thuso ya kahisano ho tswa Mmusong. Re tla kenya tshebetsong katoloso ya Letlole la Tshehetso ya Bana ho akaretsa bana ba ka tlase ho dilemo tse 18.

Jwaloka ha re aha mmuso wa tswelopele mme e seng wa thekolohelo, ditjhelete tsa kahisano di tla matahanngwa le tshebetso ya moruo le ntshetsopele ya badudi, ho thusa ba fumanang ditsiane nakong e kgutshwanyane hore ba tle ba ikemele ha nako e ntse e tsamaya.

Ditho tse hlomphehileng,

Re kgotsofatswa ke kamoo lekala la rona la ditjhelete le sebetsang.

Le bontshitse ho iphumana ho makatsang hara mathat a moraorao tjena a maemo a ditjhelete le ho thekesela ha maemo a moruo wa lefatshe.

Ho thekesela ha Ditekanyetso ho bonahala ho tla fokotseha ho tloha ho maemo a jwale a 6.7% ho ya ho pakeng tsa 3 le 4% ka 2013.

Matshwenyeho ka sekgahla sa phapanyetsano ho nketswe hlohong.

Taolo ya mekgwa e metjha ya phapanyetsano e tsebisitsweng Leanong la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng selemong se fetileng e kenngwa tshebetsong. Dintlha tse batsi di tla hlahiswa ke Letona la Ditjhelete ha le etsa Puo ya Ditekanyetso.

Mohope wa Bolo wa Lefatshe wa FIFA wa 2010 ntle le qeaqeo e ne e le projeke e thabisang haholo ya 2010.

Ditabeng tsa matjhaba, re hlomphehile haholo ka ho ba karolo ya foramo ya Brazil-Russia-India-China-South Africa (BRICS). Ke sebaka sa bohlokwa sa meruo e ntseng e thuthua. Re tonetse mahlo kopano ya ho thakgola BRICS e tla tshwarelwa China ka Mmesa.

Re boetse re kotsometse setulo sa rona sa nakwana sa Tshireletso sa Lekgotla la Matjhaba a Kopaneng, seo re tla se sebedisa ho ntshetsapele lenaneo la Aforika mmoho le kgotso le tshireletso Aforika le lefatsheng.

Re tsamaile tsela e telele. Re fihlelletse tse ngata, empa diphephetso di sa le teng.

Ha re sebetsa mmoho re tla fihlella tse ngata.

KAHO YA SETJHABA SE TSWETSENG PELE HAHOLO

Baheso,

Ha maAforika Borwa a mangata a keteka phumantsho ya matlo, motlakase kapa metsi, ho na le ba bangata ba ntseng ba letile.

Masalla a dilemo tse ngata tsa ntshetsopele e fokolang ya kgethollo le kgatello ya bokoloniale di ke ke tsa fediswa ka dilemo tse 17.

Empa re hahamalla pele, ka maikemisetso a rona a ho aha bophelo bo betere bakeng sa bohle.

Mme re etsa sena ka thuso ya batho ba rona. Re ananela seo ba dulang ba re hlahlella ka sona hodima tseo re di etsang.

Bongokuhle Miya o ngotse leqepheng la Facebook ya Bopresidente hore motseng wa habo wa Umzimkhulu o maemong a mabe, dipeipi tsa dikgwerekgwere di thuntse hohle, ha ho mokgwa wa ho laola metsi le diphoofolo di lelera hohle ka hara motse.

O a ngola a re: ?Ha mmuso, o ntseng o sebetsa hantle, o ka mpa feela wa tsepamisa maikutlo haholwanyane, mme wa sebetsa ka potlako dibakeng tse jwalo?.

Ka nnete, Re ya dumela hore phano ya ditshebeletso e lokela ho potlakiswa.

Mmuso wa rona o ikopanyang le batho o boetse o fumana tlhahisoleseding ka ho kopana le batho ba rona ka kotloloho.

Selemong se tswa feta re etetse metsana e mengata, makeishene le ditoropo. Molaetsa wa bona o ntse o le mong feela.

Ba ananela tswelopele e entsweng, ba kopa phano e potlakileng le ho hlahisa boitelo ba bona ba ho sebetsa le mmuso ho fihlela tse ngata.

Jwaloka ha mosebetsi o sa le mongata, re entse qeto ka 2009 ya ho tsepamisa maikutlo dintlheng tse hlano tse ka sehlohong. Tsona ke thuto, bophelo bo botle, ntshetsopele ya metse ya mahae le ntlafatso ya temo, ntwa kgahlanong le botlokotsebe le tlhahiso ya mesebetsi e hlwahlwa.

Re sebeditse hantle dintlheng tsena.

Le ha ho le jwalo, re ngongorehile hore tlhokahalo ya mesebetsi le bofuma di ntse di tswela pele le ha moruo o bontshitse kgolo dilemong tse 10 fetileng.

Ho shebana le dingongoreho tsena, re tshwaile 2011 e le selemo sa tlhahiso ya mesebetsi ka ho fetola moruo le kgolo e kenyeletsang bohle.

Re hlahisitse lenaneo le bitswang Tsela e Ntjha ya Kgolo le tla re tataisang mosebetsing wa rona wa ho fihlela dipheo tsena, re sebeletsa hodima ntlha ya hore tlhahiso ya mosebetsi ke bohare ba maano a rona a moruo.

Re kgothaletsa lekala le leng le le leng le kgwebo e nngwe le nngwe, ho sa kgathaletsehe hore e kae ka boholo, ho tsepamisa maikutlo tlhahisong ya mosebetsi. Nyehello e nngwe le e nngwe ke ya bohlokwa boikitlaetsong bona ba setjhaba.

Ke tla fana feela moralo o batsi wa Lenaneo la Tshebetso puong ena.

Matona a tla phatlalatsa maikemisetso a ona a mosebetsi le ho hlahisa dintlha tse tebileng bakeng sa lekala ka leng, Puong tsa bona tsa Kabo Tekanyetso tse tlang.

Mafapha ohle a mmuso a tla matahanya mananeo a ona le ntlha ena ya ho hlahisa mesebetsi. Mebuso ya diporofense le ya selehae le yona e kopuwe ho etsa jwalo.

Mananeo a Dikgwebo tsa Mmuso le makala a ditjhelete a ntshetsopele le ona a lokela ho imatahanya ka matla le lenaneo la tlhahiso ya mesebetsi.

Ditho tse hlomphehileng,

Diphuputso di bontshitse hore re ka hlahisa mesebetsi dintlheng tse tsheletseng tse ka sehlohong. Tsona ke ntshetsopele ya dikaho tsa motheo, temo, merafo le kgolo ya molemo dirashweng, tlhahiso, moruo wa tlhaho le bohahlaodi.

Re ke ke ra hlahisa mesebetsi ena re le bang. Re lokela ho sebetsa le dikgwebo, boramosebetsi le mekgatlo ya badudi.

Boiphihlelo bo bontsha hore re atleha ha re sebetsa mmoho.

Mohlala wa bohlokwa ke mosebetsi o etswang ke Moifo wa Mopresidenteo shebaneng le Mathata wa Moruo wa Matjhaba, o kenyeletsang mmuso, dikgwebo, boramosebetsi le makala a badudi.

Hara diphihlello tsa bohlokwa tsa moifo ona, Aforika Borwa e hlahisitse sekema sa pele haesale sa kwetliso ya ho fana ka tharollo bakeng sa ho fokotswa ha batho mesebetsing.

Ho itahlela ka setotswana ho hong ho kenyeleditse ho thusa difeme tse mathateng ka ditjhelete, e leng se bolokileng mesebetsi e ka bang 7 000. Re leboha moifo ka mosebetsi wa ona o kgabane, mme re lakatsa ho bona tshebedisano mmoho ena e tswela pele.

Ha re ntse re shebile hore lekala la poraefete e be lona haholoholo le re thusang ho hlahisa mesebetsi e mengata, mmuso le ona o tla bapala karolo ya ona.

Re itumella ho phatlalatsa hore re thehile letlole la tlhahiso ya mosebetsi la diranta tse dibilione tse 9 bakeng sa dilemo tse tharo tse tlang ho lefella matsapa a ho hlahisa mesebetsi.

Ho tlatseletsa, Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri e behelletse ka thoko dibilione tse R10 bakeng sa dilemo tse hlano tse tlang ho tsetela diketsahalong tsa moruo tse nang le bokgoni bo bongata ba ho hlahisa mesebetsi.

E boetse e ba thabo ho nna ditho tse hlomphehileng, ho phatlalatsa hore dibilione tse R20 e teng bakeng sa theolelo ya lekgetho ho kgothaletsa matsete, katoloso le ntlafatso ya lekala la tlhahiso ya thepa.

Hore projeke e fumantshwe tsena, matsete a yona a lokela ho ba bonyane dimilione tse R200, bakeng sa diprojeke tse ntjha le dimilione tse R30 bakeng sa katoloso le dintlafatso.

Lenaneo lena le tla nehelana ka theolelo e ka fihlang ho dimilione tse R900 ya lekgetho bakeng sa boramatsete ba batjha le dimilione tse R550 bakeng sa dintlafatso le dikatoloso.

Baheso,

Lekala la dikgwebo tse nyane ke karolo ya bohlokwa bakeng sa letsholo la tlhahiso ya mesebetsi.

Re tla tswela pele ho fana ka tshehetso ya ditjhelete le eo e seng ya ditjhelete hodikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo (SMMEs), dikgwebo tse nyane tsa temo mmoho le dikoporasi.

Re lokela ho fokotsa ditjeho tsa tsamaiso, ho baleha ho iphetapheta le ho isa mehlodi e mengata dikgwebong tse nyane.

Le ha ho le jwalo re ntse re lohotha ho kopanya makala a mararo a thusang ka ditjhelete e leng Khula, le bitswang SA Micro-Finance Apex Fund le Koporasi ya Ntshetsopele ya Indasteri ho ba ntho e le nngwe.

Letsholo la ho lefa dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo ka nako, kahara matsatsi a 30, le tswela pele hantle.

Mohala wa thuso tsa ditefo wa Lefapha la Kgwebisano le Indasteri o fumane mehala e ka bang 20 000 selemong se fetileng sa ditjhelete, mme palo ya ditefo tse entsweng e ne e le dimilione tse R210.

Mafapha a mang a thakgotse matsapa a ona, mohlala, Re Ya Patala e leng lekala la Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba.

Re ntse re tswela pele ka ntlafatso ya molao ho etsa hore ho be bonolo ho ngodisa dikgwebo hape le ho matlafatsa Molao wa Diphehisano bakeng sa ho bula mmaraka bakeng sa banka karolo ba batjha.

Ditho tse hlomphehileng,

Letlotlo la dimenerale tsa naha ya rona ke thepa ya bohlokwa ya setjhaba le lefa la maAforika Borwa kaofela, Mmuso ona e le mohlokomedi.

Aforika Borwa e na le thepa ya bohlokwa ya merafo, eo hona jwale e ballwang ho didolara tsa Amerika tse ditrilione tse 2,5.

Ka 2009, indasteri ya merafo e nyehetse 30% a mararo bakeng sa kuno ya naha ya diromellwa ntle, le ho hira palo ya 2,9% ya batho ba kgonang ho sebetsa.

Ditekanyetso di sisinya hore mehlodi ya rona ya dimenerale e lebelletswe ho rashwa bakeng sa dilemo tse lekgolo tse tlang.

Ho nka monyetla wa kgonahalo ena, mmuso o tiiseditse hore lekala la dirashwa la African Exploration, Koporasi ya Merafo le Ditjhelete e se e le Khamphani ya Merafo ya Mmuso, e tla shebanang le ho rashwa ha dimenerale tsa maano a bohlokwa.

E nngwe ya dintlha tse ka sehlohong tsa mmuso selemong sena ke ho qeta le ho ithuela maano a ho kgola molemo dirashweng jwaloka leano la mmuso le molaong, bakeng sa hore re une melemo ya dihlahiswa tsa rona.

Baheso,

Mabakeng a dikgokahanyo, re itlamme ho fetola matshwao a rona a maqhubu a kgaso a televishene le radio ho tloha ho mokgwa wa kgale wa analoko ho ya ho o tswetseng pele wa dijithale o tla etsang hore ditshwantsho le modumo e be tsa boleng bo hodimo.

Mesebetsi ya difeme tse hlahisang thepa e tla thehwa, tse pakelang thepa, tse hasanyang le tse nokelang marangrang nakong ena.

Sepikara se hlomphehileng le Modulasetulo wa Setjhaba,

Re itumella katleho ya lekala la rona la bohahlaodi, haholoholo hobane bahahlaodi ba 16 ba hlahisa mosebetsi wa motho a le mong naheng ya rona.

Bahahlaodi ba fetang dimilione tse 7, 3 ba etsetse Aforika Borwa selemong se fetileng, ha ho bapiswa le ba ka etsang dimilione tse 6,3 ka 2009. Bakeng sa kgolo e tswellang, re tla matlafatsa mebaraka e ntseng e le teng ha re ntse re shebana le mebaraka ya moruo e ntseng e ithlahisa.

Hape naha ya rona e tswela pele ho ba sebaka se tummeng sa dikopano tsa matjhaba.

Ka Phupu, Re tla tshwara kopano ya maemo a hodimo ya dipapadi Durban, ho dula ha bo 123ha Seboka sa Matjhaba se Akaretsang sa Komiti ya Diolimpiki.

Re leboha Komiti ya Matjhaba ya Diolimpiki (IOC) ka monyetla wa ho tshwara seboka sena sa bohlokwa.

Re se re na le sebaka sa ho tshwara dikopano le dikhonfrense tse 95 mahareng a 2010 le 2016.

Ho tswela pele ho phahamisa bokgoni ba bohahlaudi ba rona, ditsela tseo re tla di sebedisa hara tse ding, e tla ba ho shebana le ditsela tse fetofetohang ho ya ka maemo tsa ho sebetsana le phumantsho ya di visa, dibaka tse ntlafaditsweng tsa ho tsorama ha difofane maemafofaneng a matjhaba mmoho le dikaho tsa motheo tsa bohahlaodi tse ntlafaditsweng.

Re ntse re imatahantse le bohahlaodi, Re tla tswela pele ho ntshetsapele lekala la diindasteri tsa botjhaba, tse nyehelang dibilione tse ka bang R2 ho Kuno ya Naha.

Re boetse re bone molemo wa diketsahalo tse kang Mokete wa Matjhaba wa Jazz wa Motse Kapa, o nyehetseng dimilione tse fetang R475 moruong wa Motse Kapa le ho hlahisa mesebetsi e 2 000 ka 2010.

Re boetse re rata ho qolla ka ho ikgetha banka karolo ba tummeng ba Cape Minstrels Carnival, ba etsang hore motse ona o kganye selemo le selemo ka la 2Pherekgong, ho keteka tokoloho ya makgoba.

Ditho tse hlomphehileng,

Lenaneo la rona la ntshetsopele ya dikaho tsa motheo le re thusa ho atolosa phumantsho ya ditshebeletso tsa mantlha le ho ntlafatsa boleng ba bophelo.

Sena se kenyeletsa diprojeke tsa phano ya metsi, motlakase le matlo.

Ho ba teng ha motlakase ke ntlha ya bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi.Ho netefatsa tshireletso ya phumantsho ya motlakase ka naheng, Eskom e tsetetse dibilione tse fetang R75, haholoholo diteisheng tse ntjha Medupi, Kusile le Ingula, mmoho le ho kgutlisa tshebeletso le kgasanyo ya diprojeke tse ding.

Re lokela ho boloka motlakase hore re se ke ra kgutlela ho kgaolweng ha motlakase jwaloka tsela ya ho o boloka.

Selemong sena re tla qala ho reka matla a motlakase ho bahlahisi ba bitswang Bahlahisi ba Motlakase o ka Sebediswang hape e leng se tla bontsha boitlamo ba rona ba ho sebedisa matla a ka ntjhafatswang.

Ditho tse hlomphehileng,

Indasteri ya kaho e tsejwa e le mohlodi wa menyetla ya mosebetsi. Ho na le malapa a milione o 1,2 a dulang mekhukhung ya naha e 2 700.

Ka selemo sa 2014, matlo a 400 000 a malapa ao a tle be a na le ditokelo tse felletseng tsa bodulo le phumantsho ya ditshebeletso tsa mantlha.

Re tla boela re ntlafatsa kgiro ya bodulo hobane batho ba tlang metseng ya ditoropo ha ba a ikemisetsa ho dula molebe.

Sena e lokela ho ba ditaba tse monate ho baahi ba kang Portia Busisiwe Mrwetyana ya ngotseng ho leqephe la rona la Facebook ka ho se lekalekane Bekkersdal, moo mekhukhu e hlokang ditshebeletso, mme e bapile le toropo e nang le ditshebeletso tsohle.

O botsa hore: ?Seo ke batlang ho se tseba ke hore hobaneng re sa sebeletswe ka ho tshwana, empa re le fa voutu e tshwanang, HOBANENG??.

Mmuso o tla sebedisa dibilione tse R2,6 bakeng sa ditshebeletso tsa metsi selemong sena. Dibaka tse ka sehlohong ke diporofense tsa Limpopo, KwaZulu-Natal le Kapa Botjhabela moo ho ntseng ho na le palo e hodimo ya batho ba hlokang metsi a bolokehileng a ho nwa, re ntse re sa qhelele tse ding ka thoko.

Re etse hloko dikopo tse nyehetsweng ke batho ba bangata leqepheng lena, hore mmuso o kate dikoti tse mebileng.

Lenaneo la rona la Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba le rerile ho hlahisa menyetla ya mesebetsi e dimilione tse 4, 5 mme menyetla e fetang milione e se e hlahisitswe ho tloha ka qalo ya Mokgahlelo wa bobedi. Karolo e nngwe ya lenaneo e tsepamisitse maikutlo tokisong ya marangrang a ditsela.

Batho ba rona ba bangata ba thusehile haholo ke lenaneo la mesebetsi ya mmuso.

Batho ba thola mesebetsi ya ho lokisa mebila, ho tsa dipapadi, mananeong a ho ruta batho ba baholo ho bala le ho ngola, le ho boloka mebila e hlwekile.

Lenaneo la ho lokisa mebila, le bitswang Zibambele, le tla atolosetswa naheng ka bophara selemong sena ho hlahisa menyetla ya mosebetsi.

Re tla ntshetsapele dikaho tsa motheo tse tla phahamisa lekala la rona la temo, ha re boela re ntse re thusa ho hlahisa mesebetsi.

Dipokello tsa metsi, diventemele le dikema tsa ho nosetsa di tla ntjhafatswa. Dijalo, mehlape mmoho le makgulo di tla sireletswa ka disefeterata.

Diporojeke tsena di tla phahamisa ho ba teng ha dijo le ho hlahisa menyetla ya mesebetsi bakeng sa bongata, haholoholo basadi metseng ya mahae.

Ho phamisa ntlafatso ya rona ho tsa saense le theknoloji le ho hlahisa mesebetsi, re iketela ho tshwara se bitswang Square Kilometre Array radio telescope e leng mokgwa wa radio wa ho sheba dintho tse hole.

Boiketo bona bo se bo fane ka menyetla ya mesebetsi e 800 ho la Kapa Leboya mme e tla eketsa hape mesebetsi e 100 selemong sena.

Morero wa rona wa tlhahiso ya mesebetsi o lokela ho phahamisa ntshetsopele ya batjha.

Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha le ntse le buisana le makala a mmuso le a poraefete ho kenya tshebetsong ntshetsopele ya batjha makaleng a mananeo a mmuso le ho kgothaletsa dikgwebo le dikoporasi tsa batjha.

Baheso,

Re dumela hore ho itahlela ka setotswana hoo re ho ammeng hanyane ho tla re isa pele bakeng sa ho beha tlhahiso ya mosebetsi ka hodimo lenaneng la bohle ba etsang diqeto ka hara naha.

Matona a supileng a kopane le bomphato ba rona ba tsa kahisano ka Labobedi ho buisana ka tshebedisano mmoho mme re na le tumelo ya hore re tla atleha.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo ya Hlomphehileng,

Ho bapa le mawala a rona a ho hlahisa mesebetsi, re tla boela re ikitlaetsa ho lekola botjha maano a amanang le ho ntlafatsa maphelo a basebetsi ba rona.

Mmuso, le bomphato ba ona ba kahisano, ba tla sheba botjha molao wa mekgatlo e batlelang batho mesebetsi le leano la moralo wa phano ya ditshebeletso tsa khiro bakeng sa setjhaba.

Sena se tla kgontsha mmuso ho ba le lethathamo la ba batlang mosebetsi le menyetla ya mosebetsi.

Tokomane ya Maemo a Mmuso mabapi le Tekolobotjha yaTshireletso ya Kahisano e lebeletswe ho lokollwa selemong sena bakeng sa dipuisano.

Dintlha tse tla tshohlwa di kenyeletsa thuso ya ditjhelete le semelo sa Letlole la Naha la Tshireletso ya Kahisano, mokgwa oo lekala la poraebete la mosebetsi le letlole la ho beha meja fatshe di tlang ho kena mokgweng ona ohle, le tsela ya taolo e ka sebediswang.

Mmuso o tshwanela ho tlatsa dikgeo tsohle tsa mosebetsi tse lefellwang. Lefapha Bodisa le Hlahlobo ya Tshebetso le tla fana ka tlaleho nakong ya dikgwedi tse tsheletseng.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo ya Hlomphehileng,

Ke nnete, re tsamaile leeto le le telele ho tloha ka 1994. Re fihlelletse tse ngata, empa boholo bo sa ntsane bo lokelwa ho etswa, mme ha re sebetsa jwaloka Maaforika Borwa, re tla fihlella tse ngata ka ho fetisisa!

Ka kopo ntumelleng ho tobana le ntlha tse nne tse ka sehlohong mmoho le mananeo a mang.

Selemong sena thutong ya motheo re tsepamisa maikutlo ho bo T ba bararo e leng: Teachers, Textbooks and Time (Matitjhere, Dibuka le Nako). Re pheta kgoeletso ya rona ya hore matitjhere a tshwanela ho ba sekolong, ka diphaposing, ka nako, ba ruta bonyane bakeng sa dihora tse supileng.

Tsamaiso e lokela ho netefatsa hore ngwana ka mong o na le buka ya ho bala ka nako, mme re thusa matitjhere a rona ho bopa maemo a matle a tshebetso hore thuto ya boleng e etsahale.

Ho beha tswelopele leihlo, selemong sena, re qadile dihlahlobo tsa naha ho litherasi le nyumerasi tse maemong a matjhaba, bakeng sa dikereiti 3, 6 le 9.

Re tswela pele ho tsetela kwetlisong ya matitjhere, haholoholo thutong tsa Dipalo le tsa Saense.

Re tla tsepamisa maikutlo ka ho ikgetha bakeng sa kwetliso ya mesuwehloho, haholoholo ya dikolo tse sa sebetseng hantle.

Ho tla tsepamiswa maikutlo thutong e phahameng ka ho atolosa phumantsho ya thuto e phahameng haholoholo ho bana ba batho ba fumanehileng.

Sena se kenyeletsa ho fetolela ditjhelete tsa dikadimo ho dibasari bakeng sa baithuti ba nang le tokelo ba keneng selemong sa ho qetela sa dithuto.

Baithuti ba kenang Dikholetjheng tsa Thuto le Thupello e Tswellang ba nang le ditokelo tsa thuso ya ditjhelete ba tla kotelwa bakeng sa ho lefa ditjhelete tsa sekolo.

Re kgothaletsa dikgwebo tsa mmuso ho bapala karolo e kgolo ntshetsopeleng ya boitsebelo le ho re thusa ho nehelana ka boitsebelo ho tsa botekgeniki e leng se hlokwang ke moruo.

Denel, Eskom, SAA le Transnet di tsheheditse thupello ya baithuti ba fetang 6 000 ho boitsebelo bo fokolang ho tsa botekgeniki le bo tsamaelanang le tsa boenjenere.

MaAforika Borwa a heso,

Re tswela pele ho ntlafatsa matla le bokgoni ba sepolesa haholoholo ditshebeletso tsa bofokisi, diteko tsa forensiki le mahlale a botlokotsebe.

Re ekeditse ponahalo ya sepolesale dipaterole dibakeng tse hlwailweng di le kotsi. Re bona tswelopele e kgolo bakeng sa ho fokotsa phallo ya dithunya tse molaong le tse seng molaong.

Makgotla a dinyewe a tswelapele ho sebetsa betere, mme mananeo a ho fokotsa dinyewe tse salletseng morao maemong a setereke le lebatowa a tsamaya hantle.

Re tla tswela pele ho beha ditlolo tsa molao kgahlanong le basadi le bana ka sehlohong, le ho fana ka tshehetso ka ho sebedisa Ditsha tsa Tlhokomelo tsa Thuthuzela.

Re tla sebetsa le badudi le banka karolo ba bang ba ka sehlohong ho sebetsana le tsamaiso ya dithethefatsi le tshebediso e mpe ya dithethefatsi tse tamukanyang badudi.

Leeto la ka la ho ya setsheng sa tlhabollo ya tshebediso ya dithethefatsi Mitchells Plain ka Labobedi le tiisitse ntlha ya hore re hloka matla a tomanyana ntweng e kgahlanong le tshebediso e mpe ya dithethefatsi le ho tsamaiswa ha dithethefatsi baduding ba rona.

Ke laetse sepolesa sa rona ho sebetsana ka thata le batho rekisetsang bana dithethefatsi Motse Kapa le dibakeng tse ding. Hape re ke ke ra amohela taba ya boraditamene ba rekisetsang bana jwala.

Ntwa kgahlanong le bobodu le yona e ntse e tswela pele.

Lekala la Sepolesa se Ikghethang sa Twantsho ya Bobodu le thakgotswe Lefapheng la Tshebeletso tsa Mmuso le Tsamaiso ho shebana le dinyewe tsa boitshwaro tse amanang le bobodu bo kenyeleditseng basebeletsi ba mmuso.

Ho bonahala tswelopele e kgolo dipatlisisong tse ngata tse ntseng di tswella.

Dimilione tse ka bang R44 di kgutlisitswe ho tswa ho basebeletsi ba mmuso ba ithuisang ka tsela e seng molaong ka ditjhelete tsa ditshehetso tsa matlo, ha mokgwa wa ho fedisa ha ho kgothotswa ha tjhelete ya letlole la kahisano ho ntse ho tswela pele.

Re laetse Lekala la Diphuputso tse Ikgethileng ho batlisisa dipelaelo tsa tsamaiso e mpe kapa bobodu mafapheng a fapafapaneng a mmuso, ho bomasepala le makaleng a mang.

Le ha re sa lakatse ho ahlola diphuputso pele ho nako, di bontsha maikemisetso a rona a ho lwantsha bobodu mekgahlelong yohle ya mmuso le tshebeletsong ya setjhaba.

Sehlopha sa Tshebetso sa Mafapha a Kopaneng se sebetsanang le ho reka thepa mme se eteletswe pele ke Motshwaramatlotlo wa Naha, SARS Setsi sa Mahlale a Ditjhelete se ntse se lekola mokgwa wa mmuso wa ho reka thepa ho netefatsa hore mmuso o sebedisa tjhelete ka nepo.

Lekaleng la bophelo bo botle, selemong sena re tla toboketsa ho bewa ha basebeletsi ba hlwahlwa mme ba nang le mangolo a lokelang ho tshwara maemo a lokelang.

Re hloka dihloho tsa mafapha tse lokelang, bahlanka ba ka sehlohong ba tsa ditjhelete, bahlanka ba ka sehlohong ba phethahatso ba dipetlele, bahlanka ba ditereke ba bophelo bo botle le balaodi ba ditleleniki.

Re rerile ho tsosa dikholetjhe tsa thupello ya baoki tse 105 naheng ka bophara, ho rupella baoki ba bangata.

Re boetse re rera ho bula lekala la tsa bongaka Sepetleleng sa Dithuto sa Limpopoho rupella dingaka tse ngata.

Ho ntjhafatswa le ho hlabollwa ha dipetlele le ditleleniki ho tla tswela pele.

Hobane re tsepamisitse maikutlo bophelong bo botle ba basadi, re tla anafatsa bonamo ba ditokelo tsa pelehi le ho fana ka ditshebeletso tse amanang le yona tse kenyeletsang, thibelo ya pelehi, tshwaetso ka motabo, ho ima ha barwetsana le ho fana ka mesamo ya ho ya matsatsing ho ba futsanehileng.

Ntlheng ya ho lwantshana le HIV le AIDS, re hlabollotse mananeo a rona le ho kgothaletsa mekgwa e fapafapaneng ya thibelo e kenyeletsang lebollo la bongaka la banna, thibelo ya tshwaetso ho tloha ho mma ngwana ho ya ho lesea le kgothaletso ya ho etsa diteko.

Ho etsa diteko ho etsahala thata naheng ka bophara. Diteko tsa HIV tse ka bang ka hodimo ho dimilione tse 5 di se di entswe esale ho thakgolwa letsholo la ho etsa diteko ka Mmesa selemong se fetileng.

Selemong se fetileng, mosebetsi o tswetse pele wa ho ntshetsapele leano la Inshorense ya Bophelo bo Botle ba Setjhaba le moralo wa ho le kenya tshebetsong.Haufinyana mmuso o tla lokolla tokomane ya leano lena bakeng sa hore le sekasekwe ke setjhaba.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo wa NCOP ya Hlomphehileng,

Re tla tswelapele ka Lenaneo le Phatlaletseng la Ntshetsopele ya Mahae le reretsweng ho tsoseletsa diprojeke tsa tlhabollo le dikema tsa ho nosetsa dibakeng tsa mahae mmoho le mapolasi a batho ba fapaneng a mathateng.

Mmuso o sibollotse Lenaneo la Naha la Tshebeletso ya Batjha ba Mahaeng ho thusa batjha ba dulang metseng ya mahae. Ho fihlela jwale, batjha ba 7 000 ba fumantshitswe mosebetsi lenaneong lena.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo ya Hlomphehileng,

Mmuso o so o fetisitse molao wa ho tsoseletsa banka ya Poso, e tla thusang badudi ba mahaeng ho boloka tjhelete, le ho kadima tjhelete ya ho bula dikgwebo tse nyane.

Re ba kgothaletsa ho sebedisa banka ya poso ho netefatsa tswelopele.

KAHO YA MMUSO WA LEHAE O MAMELANG,O IKARABELLANG, O HLWAHLWA LE HO PHETHAHALA

Ditho tse Hlomphehileng,

Naha e tlilo tshwara dikgetho tsa bone tsa mebuso ya lehae pele ho mafelo a Motsheanong.

Ho bile le ditletlebo tse ngata dikgweding tse mmalwa tse fetileng ka mebuso ya lehae.

Ho nyahamiswa ke maemo dibakeng tse ding ho bakile boipelaetso e leng se bontshitseng hore mathata a teng karolong ena.

Re lokela ho etsa hore batho ba thabele boteng ba mebuso ya mahae, hobane sena se ama mahae a bona le maphelo a bona ka kotloloho letsatsi ka leng.

Bomasepala ba bang ba sebetsa hantle, hape le makhanselara a mang a etsa mosebetsi wa ona ka tshwanelo.

Re tlile ka mawalaa ho lokisa mebuso ya lehae, re tsepamisitse maikutlo hodima, hara tse ding, mekgwa ya mantlha ya tsamaiso, bolaodi ba ditjhelete le tlhokomelo ya bareki.

Boitokisetso ba dikgetho tsa mebuso ya lehae bo motjheng.

Boingodiso bo etsahetseng mafelong a beke e fetileng bo tsamaile hantle, mme re thoholetsa bohle ba ingodisitseng. Re kgothaletsa ba hlokang mangolo a boitsebiso ho etsa dikopo ka potlako, hore ba se ke ba fetwa ke nako ya ho ingodisa kgwedi e tlang.

Ho latela ho thakgolwa ha letsholo la Naha la Boingodiso ba Setjhaba le neng le le Libode, Kapa Botjhabela selemong se fetileng, ho fanwe ka mangolo a boitsebiso a fetang 700 000 ho batho ba neng ba qala ho etsa dikopo, se bontshang thahasello ya batho ba rona ya ho fumana mangolo ana a bohlokwa.

Ha re ntse re itokisetsa dikgetho, re boetse re hlokometse hore naha ya rona e thefutswe ke dikgohola tse mpe dibekeng tse sa tswa feta, mme malapa a mangata a amehile.

Re lebisa matshediso a tswang botebong ba pelo ho malapa a ba lahlehetsweng ke maphelo a bona. Dipelo tsa rona di na le bohle ba tswileng dikotsi le ba lahlehetsweng ke thepa ya bona.

MaAforika Borwa a heso,

Ha ke sebedise monyetla ona ho tsebisa hore mmuso o beeletse ka thoko dimilione tse R800 bakeng sa ho imolla metse e thefulehileng.

Re boetse re hlwaile letlole la ho sebetsana le tokiso ya dikoduwa le kaho botjha bakeng sa dilemo tse tlang.

Re leboha makala a thusitseng, mekgatlo eo e seng ya mmuso, lekala la poraefete, mekgatlo ya bodumedi le badudi bakeng sa ho thusa ba neng ba le tsietsing.

KAHO YA AFORIKA E BETERE LE LEFATSHE LE BETERE

Lenane la Aforika e ntse e le ntlha e ka sehlohong.

Aforika Borwa e tlilo sebetsa nako ya dilemo tse pedi Lekgotleng la Kopano ya Aforika la Kgotso le Botsitso.

Naha ena e tlilo ba modulasetulo wa lekala la SADC la Dipolotiki, Tshireletso le Botsitso ho tloha ka Phato.

Karolong ena, re tla kenyeletsa mekga e fapaneng hore ho kenngwe tshebetsong Tumellano ya Lefatshe ya Dipolotiki ho la Zimbabwe le ntshetsopele ya moralo o tla lokisetsa dikgetho.

Re boetse re kgothaletsa qeto ya dikgohlano tsa Malagasy. Re tla bea leihlo le ho thusa moo ho kgonehang ho netefatsa hore maemo a dipolotiki le botsitso ho la Democratic Republic of Congo (DRC) a lokile bakeng sa ho tshwara dikgetho.

Re boela re hlomphehile ka ho nka karolo tharollong ya maemo ho la Cote d?Ivoire, jwaloka setho sa Moifo wa Maemo a Phahameng wa Kopano ya Aforika se kgethuweng ho thusa ho rarolla diphephetso tsa naha eo.

Re thoholetsa mosebetsi o etswang ke Lebotho la Naha la Aforika Borwa la Tshireletso, le nehelaneng ka palohare ya ditho tsa sesole e ka bang 2 000 matsholong a ho boloka kgotso ho la DRC, Sudan le Rephaboliki e Bohareng ya Aforika.

Re tla tswela pele ho nka karolo tlhabollong ya Bomphato bo Botjha ba Ntshetsopele ya Aforika re tsepamisitse maikutlo feela ho kenngweng tshebetsong ha mananeo a dikaho tsa motheo, tseo re di etellang pele ka kgoro ya ntshetsopele ya dikaho tsa motheo ya Leboya Borwa.

Aforika Borwa e ntse e beile leihlo ho tse ntseng di tswela pele Egepeta mmoho le tse etsahetseng pejana Tunisia.

Re tswela pele ho bea maemo leihlo le ntjhotjho, mmoho le tshwaetso ya ona bakeng sa Botjhabela bo Hare le Aforika Leboya.

Re na le tumelo e tiileng ya hore se tla etsahala le diphethoho tse tla hlahang le pheletso eo dinaha tsena di tla e kgetha, e matsohong a bona.

Tabeng ena, Aforika Borwa e fana ka tshehetso ya yona maitekong ao sepheo sa ona e leng ho hlahisa le ho kenya tshebetsong tlhabollo e tla netefatsa phethoho e hlokang mathata le ho fetola mmuso ka kgotso Tunisia le Egepeta.

Re tshepa hore ha ho letho le tla sitisa ho phethahala ha ditakatso tsa Mapalestina bakeng sa mmuso o ikemetseng o tsitsitseng, ba phela mmoho le ka kgotso le mmuso wa Iseraele.

Aforika Borwa e pheta kgoeletso ya yona ho badudi ba matjhaba ho kgothaletsa mekga e amehang ho tswela pele ho batlana le tharollo ya moshwelella Botjhabela bo Hare.

Re lakatsa ho thoholetsa batho ba Sudane ho tloha botebong ba dipelo tsa rona katleho ka referandamo ya bona, le ho amohela mmuso o motjha Sudane Borwa.

Ena ke pale ya bohlokwa ya katleho ya Aforika. Re thoholetsa Kopano ya Aforika le Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ka bokgoni ba bona ba ho sebetsana le projeke ena.

Ha re nama ho tsa matjhaba, re ikemiseditse ho tshwara Seboka sa bohlano sa India-Brazil-South Africa, selemong sena.

Foramong ya G20, re tla tswela pele ho buella mokgwa o lekalekanang wa moruo wa lefatshe.

KAHO YA SETJHABA SA DEMOKERASI LE SETJHABA SE KOPANENG

Baheso,

Boiphihlelo ba Mohope wa Bolo wa Lefatshe wa FIFA 2010 o re rutile tlhokahalo ya ho ananela tsohle tse ntle ka naha ya rona.

Folaga ya Aforika Borwa e bile ntho ya bohlokwa bakeng sa lelapa ka leng.

Mmuso o ka thatiselletsa hodima sena ka ho netefatsa hore o bea difolaga dikolong le dikahong tsa setjhaba ho phatlalatsa matshwao a naha le boitsebiso.

Re kgothatsa batho ba rona bohle ho ithuta pina ya setjhaba le ho e bina hantle, ka motlotlo.

Re tla thakgola lenaneo la ho keteka Bahale Ba Naha le ho bapatsa Motjha wa Lefa Naha, ho hlompha batho ba nyehetseng haholo tokolohong ya naha ya rona.

Ditho tse hlomphehileng,

Re bone matla a dipapadi e le sesebediswa se kopanyang le ho aha setjhaba ka hara naha ya rona.

Bohle re lokela ho tshehetsa Proteas bao haufinyane ba tla beng ba bapala Mohopeng wa Lefatshe wa ICC 2011, le di Springboks ba tla beng ba ya New Zealand ho sireletsa Mohope wa Rakebi wa 2007.

Hapehape re lokela ho lakaletsa sehlopha sa naha sa netball katleho ha ba tla be ba kenetse phehisano ya Mohope wa Lefatshe wa Netebolo ka Phupu. Re tla be re ba tshehetsa ka botlalo.

Ha ke nke monyetla ona ho thoholetsa e mong wa dibapadi tsa rona tse hlwahlwa tsa khirikete, Makhaya Ntini eo e leng moeti wa rona wa bohlokwa bosiung bona. O e ntse nyehelo e kgolo papading ya khirikete ka hara naha le matjhabeng.

Aforika Borwa e tla ba le palo ya setjhaba ya boraro ka mora mmuso wa kgethollo ka Mphalane selemong sena.Re leboha Monghadi Makhaya Ntini ka ho dumela ho ba moambasadara wa letsholo lena la bohlokwa.

Sepikara se Hlomphehileng le Modulasetulo ya Hlomphehileng,

Re ntse re itlamme tabeng ya ho aha Mmuso o shebaneng le ho sebetsa.

Lefapha la rona le lekolang le ho hlahloba tshebetso le tla hokahanya le ho hlahloba mosebetsi wa mafapha a mmuso ka matla, ha a sebetsana le tlhahiso ya mesebetsi.

Re amohela boitlamo ba palamente ba ho lekola tsitlallelo ya kgoeletso ya ho bea tlhahiso ya mosebetsi ka sehlohong ke mmuso.

Baheso,

Sepheo sa rona se hlakile. Re batla ho ba le naha moo dimilione hape tsa maAforika Borwa di tla bang le menyetla ya mosebetsi e bonahalang, e nang le dikaho tsa motheo tsa sejwalejwale le moruo o mafolofolo le moo boleng ba bophelo bo leng hodimo.

Bohle re na le boikarabelo ba ho sebetsa ka thata ho etsa sena nnete.

E mong le e mong o lokela ho tla la tsela eo a ka nyehelang ka yona letsholong la ho hlahisa menyetla ya mosebetsi bakeng sa bona le ba bang.

Ka ho etsa jwalo, re lokela ho nka kgothaletso ho Mopresidente Mandela wa rona ya ratehang eo puong ya hae ha a ne a bewa setulong ka 1994, a re hopotsa hore re lokela ho sebetsa mmoho.

O itse:

?Re a utlwisisa e, tsela ya tokoloho ha e bonolo.

Re tseba hantle, hore ha ho motho a ka fihlellang katleho a le mong.

Ha ho le jwalo re lokela ho sebetsa mmoho jwaloka setjhaba se kopaneng, bakeng sa poelano ya setjhaba, bakeng sa kaho ya setjhaba, bakeng sa tswalo ya setjhaba se setjha.

Toka ha e be teng bakeng sa bohle.

Kgotso ha e be teng bakeng sa bohle.

Mosebetsi ha o be teng, bohobe, metsi le letswai bakeng sa bohle.

Ha motho ka mong a tsebe hore bakeng sa mmele ka mong, kelello le moya di lokollotswe hore di ikgotsofatse?.

Ke ya le leboha.

Issued by: The Presidency

Share this page

Similar categories to explore