Ho etsa kopo ya nomoro ya ngodiso ya therafiki

Ka ga 
Seo o swanetšego go se dira 
Lebaka 
E dira tshenyagelo ya bokae 
Diforomo tšeo di swanetšwego go tlatšwa
Dintlha tša boikopanyo

 

 

Mabapi le ho etsa kopo ya nomoro ya ngodiso ya therafiki

Ho reka kapa ho ngodisa koloi mona Afrika Borwa ha o le motho ya tswang dinaheng tsa ka ntle, o lokela ho hlahisa tokomane ya hao ya boitsebiso ya naheng eo ya ka ntle. Ha tokomane ena e le siyo, o tla tshwanela ho etsa kopo ya Nomoro ya Ngodiso ya Therafiki, ha feela o na le phasepoto e sebetsang le ditokomane tse tshehetsang tse fanang ka bopaki ba hore o mona Afrika Borwa ka molao.

Nomoro ya Ngodiso ya Therafiki ke nomoro e ka sehloohong ya boitsebiso e amohelehileng bakeng sa ditransekeshene tsa sephethephethe sa mebileng.

Nomoro ya Ngodiso ya Therafiki hape e a hlokeha ha o batla ho ngodisa koloi ya mokgatlo hore e be le nomoro eo e leng ya ona o le mong.

Seo o swanetšego go se dira

  1. E ya bolaoding bo haufi le wena ba ngodiso kapa setsing sa ditlhahlobo tsa laesense ya ho kganna o tlatse foromo ya ANR (Kopo le Tsebiso mabapi le Nomoro ya Ngodiso ya Therafiki).
  2. Ha o etsa kopo bakeng sa nomoro ya ngodiso ya therafiki jwalo ka motho ya tswang naheng ya ka ntle ya batlang ho reka kapa ho ngodisa koloi mona Afrika Borwa, o lokela ho romela ditokomane tse latelang:
    • khopi e tiiseditsweng ya phasepoto ya hao kapa khopi e tiiseditsweng kapa phemiti ya bodulo ya nakwana
    • tokomane ya hao ya boitsebiso ya naheng ya ka ntle
    • dinepe tse pedi tsa ID (Tsa botsho le bosweu)
    • tjhelete e behuweng.
  3. Ha o etsa kopo ya ngodiso ya nomoro ya therafiki hobane o batla ho etsa hore nomnoro polata ya koloi ya mokgatlo wa hao e be ya ona o le mong feela, o lokela ho romela ho latelang:
    • setifikeiti sa Ngodiso ya Kgwebo (seo ho fanweng ka sona ke mongodisi wa dikhampani) le
    • khopi ya ID ya Afrika Borwa ya eo ya emetseng kapa moemedi
    • tjhelete e behuweng.

Lebaka

Ho ka nka ho fihlela dibeke tse tsheletseng ho sebetsa kopo ya hao.

E dira tshenyagelo ya bokae

Ikgokaganye le kantoro ya tikologo ya geno ya dilaesense go tseba ka ga ditefo.

Diforomo tšeo di swanetšwego go tlatšwa

Iteanye le ba ofisi ya Therafiki e haufi le wena.

Dintlha tša boikopanyo

 

Contact your local department of transport

Share this page