Puo ya Mopresident wa Afrika Borwa, Thabo Mbeki ka Boemo ba Setjhaba: Lekgotla la kopanelo ya Palamente.

9 Hlakola 2007

Mofumahadi Sebui sa Kopano ya Setjhaba;
Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba la Diprofense;
Motlatsa Sebui sa kopano ya Setjhaba mmoho le Motlata-modulaseulo wa Lekgotla la Sethaba la Diprofense;
Motlatsa Mopresidente wa Rephabliki;
Baetapeleba hlomphehang ba mekgatlo ya dipolotiki mmoho le ditho tse hlomphehang tsa palamente;
Matona le Batlatsa-matona;
Moahlodi ya phahameng ya ka sehlohong le ditho tsa boahlodi;
Dihloho tsa Lekgotla la rona la Tshireletso;
Molaodi wa Banka ya reseve;
Mopresidente Nelson Mandela le Mofumahadi Graca Machel;
Mopresidente F.W. de Klerk le Mofumahadi Elita de Klerk;
Baprimiri ba kgethehileng mmoho le Dibui tsa Diprofense tsa rona;
Dimeyara le baetapele ba ditsamaiso tsa mebuso ya selehae;
Baetapele rona ba hlomphehang ba setso;
Baetapele ba ditho tsa mmuso tsa tshehetsang molaotheo wa rona wa temokerasi;
Balaodi-kakaretso le baetapele ba bang ba ditshebeletso tsa setjhaba;
Dikgabane, Diambasatara le dikomishinara tse phahameng;
Baeti ba kgethehileng, metswalle le dikhomreiti
Batho ba Afrika Borwa

Ha a ne a hlokahala, re tsebile hore Mme Adelaide Tambo o ne a sa tswa lokollwa sepetlele. Empa hoba re ne re tseba hape hore o ne a ena le tjheseho e matla le thato ya ho tsitlallela pele hara ba phelang, re ne re ikemiseditse ho mo amohela mmoho le ditho tse ding tsa lelapa la hae jwaloka baeti ba rona moketeng ona wa Phato. Empa ha ho a eba jwalo.

Hosane re tla isa hlompho ya rona ya ho qetela e le ha re hlompha mmele wa hae. Ka hoo o tla ba le rona ka moya fela ha re keteka letsatsi la tswalo la bo 90 la monna wa hae, ntate wa bana ba hae, molekane wa hae, khomreiti ya hae le mora ya tsebahalang wa setjhaba sa rona,Oliver Reginald Tambo. Re boela re fetisetsa matshediso a rona ho ba lelapa la Tambo.

Le ha ho le jwalo, ke ikutlwa ke thabile haholo ho amohela hara rona hoseng hona Mme Albertina Luthuli, moradi wa Moamohedi wa pele wa Kgau ya Kgotso ya Nobele, Morena Albert Luthuli, eo re ileng ra eba le sehopotso sa lefu la hae le sehloho dilemong tse 40 tse fetileng, selemong sena, re hopola letsatsi le sehloho leo ka lona ho ilweng ha fihla pehi ya hore o silahantswe ke terene e neng e le lebelong masimong a mmoba a KwaDukuza. Lefu la hae e bile le nyarosang le le sa tsebisahaleng fela jwaloka bophelo ba hae e bile naledi e re supisang tokoloho e re natefelang kajeno lena.

Ke ikutlwa ke le motlotlo hore Afrika Borwa ya temokerasi e bile le temoho le kameho ya ho ananela seo Albert Luthuli le Oliver Tambo ba se emetseng setjhabeng, ka ho rehella tse pedi tsa Dikgau tsa Setjhaba ka bona - Kgau ya Luthutli, le Kgau ya Balekane ba O. R. Tambo, ke tseba hape le hore ba amohetsweng dikarolong tsena tsa Dikgau tsa Setjhaba ba ikutlwa ba tlotlilwe haholo.

Ke thabile haholo ho amohela ka tlung ena bahale ba mohwanto wa Basadi wa Hlakubele 1956 le ba dikgaruru tsa Soweto tsa 1976, ba dutseng lebokoseng la Mopresidente, mmoho le baitedi bohle ba ikgethang ho tswa diprofenseng tsa rona, ba sisisntsweng ke Dibui tsa Diprofense ho tla ba ditho tsa sehlopha sa baeti ba bohlokwa bao re nang le bona mona kajeno.

Mmuso wa batho ba Afrika Borwa oo ke buwang lehatong la ona mona kajeno, jwaloka ha ke bile le monyetla wa ho etsa jwalo ka dilemo tse fetileng, o theilwe ka 2004, ka mora Dikgetho tsa Kakaretso tsa selemo seo.

Lekotleng kapa Bosberateng ya Pherekgong selemo le selemo, Kabinete ya Setjhaba, e emeng qullung ya tsela ya puso, hodima moo re nang le monyetla wa ho busa, e ile ya nahanisisa ka ntlha ya hore kopano eo e ne e tshwaya nako e mahareng ya mmuso o tswetsweng ka dikgetho tsa rona tse fetileng tsa 2004.

Re utlwisisitse hona, e bile tlhaho ho rona ho ka ipotsa potso ena - ke tswelopele efe eo re e entseng tjhesehong ya rona ya ho fihlella diphetho tseo re bolelletseng setjhaba ka botshepehi hore re ikana ka tsona, ka lebaka leo batho ba rona ba re fileng matla a sa kakeng letho ho busa naha ya rona ho tloha ka 2004 ho fihlela dikgethong tse latelang tsa 2009.

Ka tumello ya ona, ke tla rata ho tjhetjhella morao, ke hopole seo re se boletseng ka 2004, re le baemedi ba setjhaba sa rona, ho le teng metswalle ya rona ho tswa Afrika yohle, re ileng ra epa pitso setulong sa rona sa puso, e leng Union Building, Tshwane, ka letsatsi la Tokoloho, selemong sa boleshome sa tokoloho, re nkile karolo ha ho behwa Mopresidente wa Rephaboliki setulong, eo palamente ya rona e mo kgethileng, e hlompha thato ya setjhaba e bontshitsweng ka temokerasi ka nako ya dikgetho tsa 2004.

Ka mokete oo re ile ra re ka karolwana:

" Ka nako e telele naha ya rona e ne e fupere le ho emela tsohle tse mpe le tse nyonyehang ka botho ba leaho............" E ne e le sebaka seo ha o tswetswe o le motsho o neng o le ho sielwa lefa la kotlo ya bophelo bohle. E ne ele sebaka seoho tswalwa o le mosweu e neng e le ho jara morwalo wa dinako tsohle wa tshabo le kgalefo e patehileng........

E ne e le sebaka seo bofuma, monko wa bofutsana, disurishi tse mathang, ho senyeha ho bodileng, matshwele a sollang a bokgopo, ditshwantsho tse sa feleng tsa naha e tletseng ka matlakala lahletsweng bohlaswa hohle, se nkileng karolo e hlokang ho ntlafatsa botle ba sebaka se seng sa diterata tse makgethe, tsa mebila ya patsi, eo dipalesang tse thunyang di phahamisang jwang bo botalana bo binang, le dinonyana le matlo a lketseng marena le mafumahadi, le mmini o monate, le lerato.

E ne e le sebaka se ho sona ho dula dibakeng se itseng e neng e le ho mema ba bang ho o etsa phofu kapa ho inehela ho etsa ba bang diphofu, baahisane ba tiiseditsweng ho ba mahlatsipaa tahi le dithetefatsi hookobatsa bohloko ba ho phela, ba tsebang hore maphelo a bona ha se a tlwaelehileng ntle le polao hara bona, le peto le dintwa tse sehloho tse hlokang lebaka.

E ne e le sebaka seo ho dula hara boahisane bo bong e neng e le ho natefelwa ke polokeho le tshireletso hobane ho bolokeha ene e le ho sireletswa ke mabota a phahameng, difense tsa motlakase, dintja tse lebelang, hopaterola ha maponesa le mabotho a masole a malala a laotswe hosireletsa bao e neng e le marenana a rona, ka dithunya le ditanka le difofane tse neng i ka nesa lefu ho bao ba neng ba ka ferehla kgotso ya marenana.

Re bokane mona kajeno, letsatsing la tokoloho, hobane ka nako, setjhaba sa rona, mmoho le dibilione tsa batho ho ralala le lefatshe ho pota, bao e leng metswalle ya rona ya dihlomo, bao ba emetswengke baeti bana ba kgethehileng, ba ileng ba nka qeto mme ba re - ke ho qetello ya tseo tsohle!...

Re kgothatsehile haholo hore dikgetho gtsa rona tsa beke tse pedi tse fetileng, di hatelletse maikemisetso a setjhaba sohle sa rona, ho sa kgathaletsehe morabe, mmala le morafe, ho sebetsa mmoho ho aha Afrika Borwa e hlaloswang ke toro e tshwanang......

"Ha ho mathata a botjhaba ao re lokelang ho a rarolla a ka kgonang ho raroloha kantle ha kgokahano ya ho thea mesebetsi le ho fokotsa le ho fedisa bofutsana. Hona ho amana le tsohle, ho tloha ka ho ntlafatsa bophelo ba setjhaba ho isa ho fokotseng ha bophahamo ba botlokotsebe, ho ya ho phahamiseng ha bophahamo ba ho kgona ho bala le ho ngola le kutlwisiso ya dipalo, le ho bulela bohle menyako ya thuto le botjhaba ...

"Re itlama ho bahale bohle ba iteletseng tokoloho ya rona, le holon

holona bohle, metsalle ya rona ho tswa lefatsheng ho pota, hore re ke ke ra eka tshepo eo le re rwesitseng yona ha le thusa ho re neha kgonahal ya ho fetola Afrika Borwa ho ba lefatshe la tekokerasi, la kgotso, le hlokang bosemorafe, le sa kgetholleng ka bong hape le atehileng, le tsepameng nlheng ya ponelopele ya setjhba se kopaneng.

"Mosebetsi wa ho aha Afrika Borwa eo o se o qalelletse. Mosebetsi oo o tla tswelapele ka nako ya Dilemo tse Leshome tsa Tokoloho"

Dilemong tse mashome a mahlano tse fetileng, ha ba ne ba itokisetsa ho epa pitso ya Seboka sa Batho (Congeress of the People), e ileng ya amohela le ho inkela Tjhata ya Tokoloho, ba ratang naha ba letsatsi leo ba ile ba re, "Ha re bueng mmoho, bohle mmoho - MaAfrika le Basweu, maIndia le Bammala.... batho bohle ba Afrika Borwa......ha re bueng mmoho ka tokoloho. Le ka thabo e ka tlelang banna le basadi ha ba ka dula lefatsheng
le lokolohileng.

Re tlameha kajeno ho ntjhafatsa boikano ba rona, ho bua mmoho ka tokoloho, ho etsa ka bolekane ho fihlella thabo ya bohle e tlamehang ho tla le tokoloho, ho sebetsa mmoho ho aha Afrika Borwa e hlaloswang ke toro e tshwanang, ho re, mmoho, ka ketso - ho lekane ka tsohle tse neng di etsa naha ya rona e fupare ka hare ho yona le ho emela tsohle tse mpe le tse nyonyehang ka botho ba leaho!

Re tlameha ho tswelapela ho arabela nthakemo eo re buileng ka yona ha mmuso wa jwale o qala nako ya ona ya puso, re lemoha hantle hore "Ha ho mathata a botjhaba ao re lokelang ho a rarolla a ka kgonang ho raroloha kantle ha kgokahano ya ho thea mesebetsi le ho fokotsa le ho fedisa bofutsana, mme ka hoo hore "twantsho ya ho fedisa bofutsana e bile mme e tla tswelapele ho ba karolo e hare ya boikgathatso ba setjhaba ho aha Afrika Borwa e ntjha".

Ha re araba taelo ya ho fetela pele ka pele ka moo ho ka kgonang ho aha Afrika Borwa e hlaloswang ke toro e le nngwe, mmuso wa rona o itlamme, o sebetsa le maAfrika Borwa ohle, ho kenya tshebetsong mananeoo a qaqileng a reretsweng:

  • Ho phahamisa boemo ba matsete Ikonoming ya Pele;
  • Ho fokotsa theko ya ho hwebisana lefatsheng la rona;
  • Ho phahamisa kgolo ya karolo ya dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng;
  • Ho akofisa tshebetso ya ntshetsopele ya bokgoni;
  • Ho ntlafatsa ketsahalo ya rona ya diromelwantle, re lebahane le ditshebeletso le dihlahiswa;
  • Ho eketsa ditjeo diphuputsong tsa mahlale le ntshetsopele;
  • Ho kenya tshebetsong mananeoo a qaqileng ho arabela diphephetso tsa Ikonomi ya Bobedi;
  • O kenya tshebetsong mananeoo a netefatsang ntshetsopele e batsi ya matlafatsa ya batho-batsho;
  • Ho tswelapela ka mananeo ho aha letlowa la tshireletso ya setjhaba ho teana le maikemisetso a phokotso ya bofutsana;
  • Ho atolosa phihlello ditshebeletsong tse kang metsi, motlakase le tsamaiso ya dikgwerekgwere;
  • Ho ntlafatsa profaele ya bophelo ba setjhaba sohle;
  • Ho matlafatsa lenaneo la matlo;
  • Ho kenya tshebetsong mekgwa ya tlatsetso ho bula haholwanyane menyako ya thuto le botjhaba.
  • Ho ntlafatsa polokeho le tshireletso ya baahi bohle le metsana yohle;
  • Ho netefatsa hore karolo ya ditshebeletso tsa bohle e hlahisa maikarabelo a yona jwaloka sebapadi se hlokolotsi kgolong, kahongbotjha le ntshetsopeleng ya naha ya rona;
  • Ho akofisa tshebetso ya ntjhafatso ya kontinente ya Afrika; le
  • ka keketso ho kenya letsoho tharollong ya dipotso tse ka sehlohong tse qobaneng le batho ba lefatshe.

Mofumahadi Sebui le Modulasetulo;

Ke thabile ho tlaleha hore ho latela e nngwe le e nngwe ya ditlamo tsena, mmuso o dula o sebetsa haholo ho netefatsa hore maikemisetso a setjhaba a fihellwa. Ka palohare ya diphesente tse 4.5, sekgahla sa kgolo ya ikonomi ya rona dilemong tse pedi le halofo tse fetileng, e bi le se hodimo ka ho fetisisa ho tloha haesale re fumana temokerasi ka 1994. matsete ikonoming, ka bobedi dikarolong tsa bohle le tsa poraefete di ntse di hola ka diphesente di ka ba 11, ka hohle marangrang a motheo a karolo ya bohle di eketseha ka palohare ya diphesente tse 15.8 ka selemo. Kajeno, matsete a tsitsitseng e le phesente ya Dihlahiswa tsa Hae tsa Hohle-hohle - ka phesente e ka bang 18.4 - ke e hodomohadi ho toha ka 1991.

Palo ya batho ba sebetsang e ntse e hola ka lenaneo le ka ballwang ho halofo ya milione ka selemo dilemong tse tharo tse fetileng.

Re bone tswelopele e tsepameng ho matlafatsweng ha Batho-batsho ho tsa ikonomi. Ho tloha sekolotong sa diphesente tse ka hodimo ho tse 3 tsa mmaraka wa ditjhelete tsa JSE ka 2004, hona ho eketsehile ka phesente tse ka bang haufi le 5; mme karolo ya Batho batsho ba bolaoding bo ka hodimo e eketsehile ho tloha ho 24% ya palohohle ya 27%. Le ha ho le jwalo re tlameha ho dula re tshwenyehile hoba dipalo tsena di ntse di le tlase ka tsela e swabisang.

Dikgatelopele tsa Ikonomi di lahletse hodimo diphephetso tsa bohowa bakeng sa rona bohle. Keketseho e kgolohadi le e bolokilweng ya ditlhoko tsa basebedisi e bontsha maemo a kgolo a phetseng mabapi le katleho hara baahi; le diprojeke tse kgolohadi tsa marangrang tseo re tobanang le tsona di batla tlatselletso ya disebediswa le ya metjhini.

Empa boemo ba kgwebisano ya rona ya boditjhabatjhaba bo bontshe hore ha re a tleha ho aha bokgoni ba ho hlahisa basebedisi le dithoto tsa ditjhelete tseo naha ya rona e di hlokang. Ha sekoloto sa lelapa se nyolohile ka bophara ka mokgahlelo o le mong le kgolo ya meputso, ntlha ya hore maAfrika Borwa a boloka ha nyenyane e bolela hore rec tlameha ho itshetleha hodima dipolokelo tse tswang mafatsheng a mang. Ho hloka botsitso ho tswetseng pele ka dnako tse ding ha tjhelete ya rona le hona ha ho tlise tse monate ho diintaseteri tsa diromelwantle tsa rona.

Ka dilemong tse tharo tse fetileng, ikonomi e hlotse mesebetsi e millione le halofo. Ho a kgothatsa hore selemong sa Hlaubele 2005 ho fihla Halubele 2006 fela, 3000 000 ya mesebetsi e hlotsweng e ne e le makalenf a semolao ka ntle ho temo, e emetse sekhahla sa kgolo se ka bang 4%.

Karolo e nyenyane ya tsena ke menyetla ya mesebetsi ya dinako tsohle e hlotsweng ka Mananeo a Katoloso ya Ditshebeleso Tsa Bohle. Felaha ho potang hore lenaneo lena le ka gona hapele tlamehile ho hulelwa hoimo ho bonahalang. Hape ha hopotang hore re ka etsa ho le betere ka ho hlola borakgwebo ka dikgwebisano tse nyenyane le tse mahareng. Re nka hape hore palo e hodimo ya ba hlokang mosebetsi ke batjha, re ka etsa ho le betere ka dintlha tse kenang dipakeng jwaloka Ditshebeletso tsa Setjhaba tsa Batjha le ntshetsopele ya borakgwebo ba banyenyane.

Ke ntho ya boikgantsho hore, tsamaisanong le botelo ba rona ba ho aha setjhaba se kgathallang, re ntlafaditse kabo ya ditshebeletso ho tloha ka 2004 le dintlha tse ding tsa moputso wa setjhaba. Ha ba fumanang dithuso tsa setjhaba ba ne ba ballwa dimilioneng tse 8 ka 2004, kajeno dimilionetse 11 tsa maAfrika Borwa a futsanehileng a na le tokelo ya phumantsho ya ditshebeletso tsena. Ho a kgothatsa hore sekgahla sa kgolo e hodimo se, nakong ya ha jwale, bile taolong, jwaloka ha mananeo a fihla moo a hodileng. Hona ho tla netefatsa ho ntshetsopele, le ho hirwa ha disebediswa tsa mmuso ho aba ditshebeletso tsa ikonomi ho hlahisa menyetla e meng ya mesebetsi le ya dikgwebo.

Lenaneo la matlo le bone ho ajwa ha disaposidid tse ka bang 300 000 tse ntjha dilemong tse pedi tse fetileng. Le ha ho le jwalo, ha re batla ho ntlafatsa boleng le ho ntshetsapele mawa mabapi le bao ba ntseng ba fetwa ke mananeo a ntseng a le tshebetsong a setjhaba le a poraefete, bohato ba ketsahalo bo lenama ho feta ka moo re neng re lebeletseng. Re tlameha ho etsa ho ho hong ho fetola boemo bona.

Jwaloka ha ditho tse tlotlehang di bona, dilemong tse fetileng re ntsheditse pele le ho qala ho ho kenya tsebetsong mananeo a fapafapaneng a lebisitsweng ntlafatsong ya dipalangwang tsa bohle. Ona a kenyeletsa lenaneola matlafatso ya ditekesi le Boikitlaetso ba diprofense jwaloka Corido ya Seporo ya Moloto e Mpulanga eo ho yona ho seng ho qadilwe mosebetsi wa h fuputsa kgonahalo,corido ya Klipfontein Cape Town mmoho le projeke ya Gautrain le maqhama a yona ditshebeletsong tsa dipalangwang tsa setjhaba.

Tsena mmoho le boikitlaetso bo bong di bopa karolo ya mawa a dipalangwang tsa bapalami, tse kopanyang seporo le mmila. Re tla tobana le ho kenyatshebetsong o potlakileng ha mananeo ana ho ntlafatsa boleng ba bophelo haholo ba batho ba sebetsang.

Phumantsho ya motlakase, metsi le dikgwerekgwere di ntlafaditswe. Ka 2005 Afika Borwa e ne e se e fihlelletse ntlha ya Ntlafatso ya Milleniamo maloka l kabo ya metsi,le ntlafatso ya phumantsho ho tloha hom 59% ka 1994 ho ya ho 83% ka 2006. Ho ya ka United Nations Development Programme (UNDP), Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse mmalwa tse sebedisang tjhelete e nnyane ditekanyetsong tsa sesole le e ngata metsing le dikgwerekgwereng. Ka mantswe a raporoto ya Ntshetsopele ya Setjhaba ya UNDP ya 2006:

"........Afrika Borwa e bontshitse ka moo tokelo ya botho ya metsi e ka sebediswang e le motjha wa matlafatso le tataiso ya boikemisetso..... Ntlafatso ya ditokelo tse theilweng hodima metsi e entse hore e kgone ho atolosa kabo le ho hlola ho se lekalekane hwa bosemorafe ho siilweng ke aparteiti, ka karolwana ka ditseko tse theilweng hodima ditokelo. (pp62/63)

Re tlameha ke hona ho keteka phihlello e kgolohadi tjena. Empa ke nnete hore dimilione tse 8 tsa batho di ntse di hloka metsi. Ba bang a bangata ba hloka metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere.
Re motlotlo hore nakong ya selemo, re kgonne ho fokotsa ho salla morao ha phediso ya tshebediso ya mabakete dibakeng tse hauweng tsa bodulo ka halofo. Re motjheng ho fedisa ka hohle-hohle tshebediso ena e nyatsang botho dibakeng tsena mafelong a selemo sena.

Re tla tswelapele ho tobana le dipephetso tsena e le ho fedisa naheng ya rona tsohle tse mpe le tse nyonyehang hore mmoho re bue ka tokoloho le thabo e tlang le bolokolohi.

Teko ya thuto le phumantsho ya bokgoni di bontsha ntlafatso e hlileng e le hodimo ka 2004,le ha fela ka lenama. Hona ho lebiswa ho boemo ba ho kgona ho bala le ho ngola, palo yohle ya boingodiso sekolong le sekgahla sa ba nkang karolo thutong e phahameng. Sekgahla sa ho feta ditlhahlobong tsa metriki se yang hodimo le fatshe se bontsha hore ho sa hlokeha ho etsa ho hongata ho tsitsisa tsela ena le ho netefatsa boteng ba ntlafatso. Ka yona nako eo, palo ya baithuti ba metriki ba fetang ditlhahlobong tsa Mmetse ka boemo bo hodimo e betetshana ho ya 1995. re ntse re tswelaapele ho bontsha bofokodi ho kenya tshebetsong lenaneo la Thuto ya Motheo ya batho ba baholo.

Ha lenaneo la ho kgutlisetsa mobu ho beng ba ona le hlahisitse diphetho tse qetilweng ka nakwana ya jwale,re ntse re tlameha ho etsa ka natla ho sebetsana le melato e saletsengmorao,eo bongata ba yona e leng thata. Ka nqe nngwe, tswelopele e entsweng maloka le kabo ya mobu ke e nyenyane. Re tla etsa shebisisa ka hloko dintlha tse sitisan hore lenaneo lena le tla le potlakiswe.

Mananeo ana a setjhaba le a ikonomi a bopa karolo ya mawa a rona a ho fokotsa le ho fedisa bofutsana bo tselang pele ho ama boholo ba batho ba rona. Mosebetsi o entsweng hara selemo se fetileng, ke basadi ka motjha wa South African Women in Dialogue ba sebetsa le mafapha a fapafapaneng a mmuso, ho kenyelets le ketelo mafatsheng a kang Tunisia le Chile, moo ho hatetsweng pele haholo tshebanong le bofutsana, o bontsha diphoso tshebetsong ya rona ntlheng ena. Ho tswa boiphihlelong ba boromiwa bona ho hlakile hore re tshwanetse, hara tse ding, ho:

  • hlalosa ka botlalo bophara ba bofutsana ba naha ya rona;
  • ntshetsapele dipalo palo tse hantle tsa malapa a phelang ka bofutsana;
  • Hlwaya le ho kenyatshebetsong mekgwa ya ho kena dipakeng tse tsamaelanang le malapa ana;
  • Hlahloba tswelopele malapeng ana ka ha lenaneo lena le qalella ho ba ntsha bofutsaneng;
  • Ka kamahanyo ena, re qobane re tsohle tse mothating,haholo palo e hodimo ya basadi ba amehang;
  • Hokahanya le ho bea motjheng mananeo ohle a kgahlano le bofutsana ho hodia sekgahla le ho qoba tshenyo le phetapheto; le
  • Potlakisa thupelo ya Basebeletsi ba Setjhaba ba Malapa boemong ba profeshinale le ba tlatsetso ho netefatsa hore malapa a hlwailweng a tshehetswa le ho lekolwa ka tshwanelo.

Hona ho tla hokahanya ba unang molemo wa dithuso tsa setjhaba le ditshebeletso tsa masepala le menyetla ya mosebetsi, ka dinako tsohle re be le tjhebelo ya hore bongata bo kgonahalang ba batho ba rona ba tlohela ho itshetleha ka meputso ya setjhaba mme ba kena mmarakeng wa mosebetsi. Ka nako e mahareng, re tla tswelapele ho fuputsa boikitlaetso bo botjha bo tla ntlafatsa ka moputso wa setjhaba ka kgatelopele.Ntlha e hlokolotsi ya mawa ana a setjhaba a kenang dipakeng e tshwanetse ho ba ho matlafatsa diteko tse kopanetsweng hara maAfrika Borwa ohle ho ntlafatsa tshebedisano.

Selemong sena sa ho keteka selemo sa bomashome a tshelela sa tumellano ya Dingaka ya baeteledipele metsana ya maAfrika le maIndia (AB Xuma, GM Naicker and Yusuf Dadoo) sa bo mashome a mararo a polao ya Steve Biko le sa bo mashome a mabedi sa ketelo ya dirtehi tsa maAfrikaner Dakar ho ya kopana le ANC, ntlha ya ho fapana ha boitsebiso ba rona kelello ya ho ba ma Afrika Borwa kaofela e tlamehile obapatswa metsaneng yohle, a mokgwa o tiisang kopano ya rona re le setjhaba. Ho tswela pele, ka ena, keteko ya selemo sa bo mashome a mararo sa ho thibelwa ha dikoranta tsa The world le The Weekend World, re tlamehile maoto le matsoho ho botsa potso ena - na bohle re nahanisitse maikarabelo a rona a ho aha kopano ya setjhaba le ho ntshetsapele kelllo e le nngwe ya le ho matlafatsa sekgomaretsi se tshwereng setjhaba sa rona mmoho!

Ka mantswe a mang, ditsela tse hlokehang ho ntlafata maqhama a setjhaba di ke ke tsa phethahatswa ke mmuso o le mong. Re tshwanetse hore mmoho jwaloka maAfrika Borwa re bue ka tokoloho ho ditlhoko le ho bola ha maitshwaro, re sebetse ho ka fihlella thabo e tlang le bolokoloho.

Mofumahadi Sebui le Modulasetulo:

Ke na le tshepo ya hore bohle re tla dumellana ka hore ho sebetsa mmoho ho fihlella thabo e tlang le tokoloho ho tsamaisana ka ho lekanale diphephetso tsa ho tonbana le botlokotsebe. Ho RDP White Paper ya 1994 re itse:

"Ho tsitlallela kgotso le tshireletso ho tla ama batho bohle. Ho tla aha le ho atisa maikemisetso a setjhaba a kgotso le ho thibela leuba la botlokotsebe le tobileng metsana..... le kelohloko e bohlokwa mekgwa e fapafapaneng ya botlokotsebe eo basadi ba tobanang le yona.

Kgotso le botsiso ba sepolotiki le tsona di bohareng ba matsapa a mmuso a ho aha tikoloho ya kgonahalo e kgothaletsang matsete. .... ho tla nkwa qeto e hlokang qeaqeo ho fedisa ho hloka molao, ho hweba ka dithetefatsi, theiso ya dithunya, botlokotsebe le haholoholo tlhekefetso ya basadi le bana".

Bonneteng, re ke ke ra fedisa ho leng hobe le ho nyonyehang le ho tseka thabo e tlang le tokoloho ha baahi ba metsana ba phela ka tshabo, ba ikwalletse hara mabota le diterata tse hlabang, ba dulaba tshohile ka hara matlo a bona, diterateng le mebileng ya rona, a sa kgone ho natefelwa ke dibaka tsa bohle ka bolokolohi. Ka hona ho qaqile hore re tshwanetse ho eketsa matlafatso ya twantsho ya botlokotsebe.
Le ha re se re fetile palo e neng e behilwe ya mapolesa a 152 000 a hirilweng Tshebeletsong ya Sepolesa sa Afrika Borwa, le ha re bile rentlafaditse lenaneo la thupelo, re elellwa hore sekgahla sa hona ha se a phahama ho lekaneng hore bohle a ikutlwe ba na lekelello e betere ya tshireletso le polokeho. Le ha re fokoditse diketsahalo tsa botlokotsebe ba kamo, sekgahla sa phokotseho ka selemo sa makala a kang boshodu, tlhaselo le polao e ntse e e ka tlase ho 7-10% eo re neng re e lebile.

Keketseho ya mefuta e itseng ya botlokotsebe ka nako ya seteraeke sa basebetsi ba tshireletso e tshwanetse ya be e re elellisitswe bohle ntlha ya hore intasteri ena ya tshireletso e ke ke ya tsamaiswa ha bonolo jwaloka kamano ya poraefete ya karolo ya poraefete. Ho qaqile hape hore tsamaiso ya melawana e teng ha e a naela. Hona ho tobile dintlha tse kang boemo ba meputso, ditsamaiso tsa kganetso, tiisetso ya tataiso ho makoloi a tsamaisang tjhelete, le tse ding.

Ena ke taba eo re tla shebanang le yona hara selemo, hore ka tlatseletso ya ho ntlafatsa mosebetsi wa mapolesa, reka kgona mmoho le intasteri ya ya poraefete ya tshireletso, ho aha tikoloho eo ho yona ditabatabelo tsa tshireletso tsa setjhaba, moo ditshebeletso tse kgolohadi di atoloswang, di hlile di a fihlellwa.

Re tla boela re tswela pele ho ekets boikgathatso ba ho ntlafatsa tshebetso ya makgotla a rona, ho eketsa sekgahla sa phokotseho ya melato e saletseng morao. Hape re tla netefatsa hore diqeto tsa ho atolosa marangrang a Ditshebeletso tsa Ditjhankana, re ntlafatse boalaodi ba tsa Taolo ya meeding hammoho le ditshebeletso tsa bofalli le ditokomane, hara tse ding, di kenngwa tshebetsong.

Boholo ba bofokodi ba ho ntlafatsa ditshebeletso tse nehwang baahi di tliswe ka karolo ke bokgoni bo fokolang le tsamaiso ho lekola ho kenngwa tshebetsong. Ha jwalo, ka nakong e lebisang ho fihla ho 2009, ntlha ya tlhophiso le bokgoni ba mmuso bo tla ba hodimo lenaneotsamaisong la rona.

Ho hlahelletseng, hara tse ding, e le sebaka se hlokolosi bakeng sa mawa a ho kena dipakeng ke dikahare tsa thupelo eo basebeletsi ba mmuso ba fumanang diinstitjhusheneng tse fapafapaneng le mosebetsi wa SA Management Development Intitution (SAMDI) eo ka nnete e tshwanetseng ho ba yona e ka sehlohong kabong ya ditshebeletso tabeng ya ho tataisa matshwele a basebeletsi ba mmuso mosebetsing.

Boemo ba phethahatso ka hara mafapha, ho amahanngwa a ditshebeletso tsa setjhaba le molawana wa bolaodi ba ditjhelete, di kopakopane. Ho qaqile hore hona ho ke ke ha dumellwa ho tswela pele, le ha re bile re hlokomela kelohloko e nepahetseng ya hore ditlhoko tsa dioditi tsabosetjhaba le ysa profense di bile matla. Ntlheng ena, ho bohlokwa ho sebedisa tsamaiso ya tumellano ya tshebetso haholo bakeng sa balaodi ba ka sehlohong.

Mananeo a ho ntlafatso ya bokgoni ba tsamaiso ya mmuso wa rona wa selehae a tswela ele. Hang hang ka mora dikgetho tsa selehae tsa Hlakubele 2006, mananeo a tataiso mosebetsing a ile a kenngwa tshebetsong, re hlokometse hore 62% ya dimeyara ba batjha.

Ho re tswenyang, fela, ke hore boholong ba bomasepala bana, bongata ba dikgeo di ntse di le teng kapa di hlahile haholo botsamaisisng bo ka sehlohong le diprofesheneng. Ho tea mohlala, ka Lwetse selemong se fetileng, 27% ya bomasepala e ne e hloka batsamaisi ba bomasepala; Ka mona ka Norh West, sekghlasa sa sekgeo batsamaisisng ba ka sehlohong se ne se le ka hodimo ho 50% ; mme Mpualanga ke fela 1% ya batsamaisi ba ka sehlohong ba phethetseng Ditumellano tsa Bohlokwa tsa Tshebetso.

Re tswela pele ho arabela iphephetso tsena mme re tla etsahatsa mesebetsi yohle e hlokehang, e tataiswang ke Mawa a Lenaneotsamaiso la Mmuso wa Selehae la Dilmo tse Hlano, le kenyelletsang hore bomasepala ba fuwe thuso e kenyang letsoho ke ditshebetso tsa mmuso le tsa diprofense, tsamaiso ya basebetsi ba nang le bokgoni ho ya dibakeng tse ba hlokang ho kenyelletswa le baithaopi ba profeshinale ho tswa bathong, le matlafatso ya dikomiti tsa sedika - 80% eo e seng e thehilwe ho ralala le naha.
Lenaneo la ho lebanya disebediswa tsa polane ho ralala le dikarolo tsa mmuso (ke ho re, Tjhebelopele ya Ntshetsopele ya Sebaka sa Setjhaba Mawa a diprofense a kgolo le Ntshetopele, le Merero e hokahneng ya Ntshetsopele) e tswelapele, le diprojeke tsa tekolo bakeng sa tebanyo e felletseng di etsahala didikeng le metseng e meholo e 13. Diprojeke tsena tsa tekolo di tshwanetse ho be di phethetswe mafelong a selemo sena.

Ke ntho e re nehang rekoto e motlotlo hore ka hodimo ho halofo ya didika lemetseng e meholo di e di tshwere Diboka tsa Kgolo le Ntshetsopele, mme tse ding kaofela di ikemiseditse ho phethela tsamaiso ena ho ya mafelong a Hlakole. Hona ho tla ala motheo wa tshebedisanommoho hara dipaterone tsa setjhaba ho akofisa ntshetsopele ya ikonomi ya selehae.

Ditho tse Hlompehang:

Ke tla rata ho nka monyetla wa mokete ona ho hlahisa diteboho tsa ka ho Motlatsa Mopresidente Phumzile Mlambo-Ngcuka bakeng sa bolaodi bo molota boo a faneng ka bona ho kenngwa tshebetsong ha Boikitlaetso ba Kgolo e Akofiswang le e Abelanwang (AsgiSA), a sebetsa le Matona le Diprimiri bao e leng Sehlopha sa Tshebetso, a tobane le dintlha tse ikgethileng tse tlamehang ho etswa ho netefatsa dikgahla tse phahameng tsa matsete le ho monywa ha basebetsi,ha mmoho le ditaba tse tsamaelanang le ntshetsopele ya bokgoni le ho kgona ha tshebetso ya mmuso. Re ananela haholo ho kenya letsoho ha Maloko ohle a Ekseketifi e balaodi ba rona ba basebeletsi ba setjhaba, ho ralala le makga a mararo a mmuso, ka ho etella pele tshebetso ena le ka ho kenyatshebetsong lenaneo lammuso kaofela. Hona ho bohareng ba boiteko ba rona ba ho fedisa ho hobe le ho nyonyehang metsaneng ya rona hore re tlere kgone ho bua ka tokoloho le thabo e tlang le bolokolohi.

Ntlheng ena, ho ka akofisa ho kenngwa tshebetsong ha AsgiSA, ka hodima le ka nqane ho mananeo a dilemo tse ngata a boletsweng haufinyana, mmuso selemong sena otla:

  • Phethela tshebetso ya ho shebisisa boiphihlelo ba naha mabapi le ho qapodisa hara tse ding diponahalo tse kgolo tsa ikonomi tse jwaloka Sekgahla sa Phapanyetsano, moruo le sekgahla sa tswala, e le ho kenya tshebetsong mekgwa e tla tsamaisa kgolo ya diintasteri se hlahisang tse ka hwebisanwnang bakeng sa bobedi mmaraka wa selehae le wa dihlahiswatsa ka ntle, mme e be le bokgoni ba ho monya letoto le le holo la basebeletsi ba bokgoni bo ka tlasenyana;
  • ba motjheng le Moralo wa Molao wa Intasteri ya Setjhaba eo ha jwale e phethetsweng, re tla
    • matlafatsa ho kenngwatshebetsong ha mekgwa ya dikarolo tsa dikhastama ho tsamaisa matsete ho tshebeletso e kantle ya Tsamaiso ya Kgwebo, bohahlaodi, tsa dibeso le dikhemikale, le ho qetella mananeo a bonwang a meru le dipampiri, diaparo le matlalo, dimetale le boinjenere.
    • Ntshetsapele mananeo ho tsamaisa matsete dikarolong tsa letoto la neheletsano ya mananeo a marangrang a rona, ho kenyelletswa dithoto tsa ditjhelete ho ICT, dipalagwang le eneji; mabai leeneji, re tla potlakisa mosebetsi wa rona ho netefatsa boitshetleho bo boholo hodima ho fehlwa ha matla a nuclere, gase ya tlhaho le mefuta e fapaneng ya mehlodi e ka ntjhafatswang ya eneji. Mabpi le dikgokahano, ke thabile ho tsebisa hore Lafapha la tsa Dikgokahano mmoho le dikhampani tsa mehala e tsamaiswang le Telkom selemong sena ba qetella morero wa ho tobana le tefelo ya ho kgaotsa mohala molemong wa basebedisi. Ho eketsa moo, Telkom e tla sebedisa ditefelo tse ikgethileng bakeng sa sekgamu sa boditjhabatjhaba dikarolong tsa ntshetspele ya mehala tse 10 e nngwe le e nngwe e hira batho ba 1000, e le karolo ya ho atolosa sedika s BPO. Dikarolo tsena di tla thewa dibakeng tse hlwailweng ke mmuso. Ditefelo tse ikgethileng di tla bapiswaka ho otloloha le tseo tsa tshebeletso le bokgoni bo tswanang ka kgwedi tse nehelwang ke dinaha tse ding.
  • Hape retla nka mehatoe fapaneng ho ntlafatsa phehisano ho tsa ikonomi, hara tse ding ho theola ditjeo tsa ho hwebisana le ho hodisa matsete, ho kenyeletswa tsebiso ya tshebetso ya Regulatory Inpact Assessment (RIA), ntshetsopee ya bokgoni ba lebeleo le hodimo la boditjhabatjhaba, ho phethelamoralo wa h ntlafatsa bokgoni ba tshebetso ba batsamaisi ba tsa seporo le dikou, le ho matlafatsa phethahalo ya balaodi ba phehisano.

Tswelopele eo re entseng tsehetsong ya Dikholetje tsa Thuto le Thupelo e kolwane (FET) e bopile kgonahalo ho rona ho ka eketsa palo ya ditsebi tse teng. Ho qala selemong sena, disebediswa di tla ajwa ho fana ka dithuso tsa ditjhelete ho ba rupellwa ba hlokang, ba kenang diinstitjhusheneng tsena. Ka yona nako eo, re tla rarolla ka potlako ntlha ya maikarabelo mahareng a dididkadikwe tsa setjhaba le tsa diprofense bolaoding ba lekalala FET. Re tshepahore maiteko a rona a ho ntshetsapele sebaka sena sa monyetla a tla thusa ho romela molaetsa, haholo batjheng, hore bokgoni ba ditsebi bo bohlokwa bakeng sa kgolo ya ikonomi fela jwaloka dithuto tse ding.

Ka morakgokahano e keneletseng mahareng a mmuso le baetapele ba duyunibesithi tsa rona, ho fihlelletswe tumellano le ho nkwa diqeto ka disebediswa tse hlokahalang ho netefatsa hore bokgoni bo haellang bo a nehelwa.

Ntlheng ena, re rata ho thoholletsa seabo sa Joint Initiative on Skills Acquisition (JIPSA), e tlisang mmoho mmuso, kgwebo, basebetsi, diistitjhushene tsa thupelo le tse ding.

Jwaloka ha maloko a hlomphehang a tseba, re ekeditse haholo lenaneo la dikolo tse sa lefellweng.

Ha re tsamaisa marangrang ana le mananeo a mang re tla tataiswake boitelo ba rona ho netefatsa hore Mohope wa Lefatshe wa 2010 ke o motle-motle ka ho fetisisa. Re rata ntlheng ena ho thoholetsa Komiti ya Tlhophiso ya Selehae ya rona (LOC) le balekane ba bang ka mosebetsi o tswileng matsoho oo ba o etsang.

Ho a qaqa hore, ho netefatsa hore maAfrika Borwa ohle a natefelwa ke thabo e tliswang ke ikonomi e holang, ditshebetso tsena le tse ding di tla tsamaisana le mananeo a mang a keneletseng ho toba diphephetso Moruong wa Bobedi. Ka lebaka la sena, selemong sena, hara tse ding, re tla:

  • Nka mahato a mang a bonalang ho ntlafatsa kgonahalo phumantshong ya ditjhelete tse tlase, ho kenyeletswa phihlello ya Letlole la Apex (SAMAF) le Letlole la Dikoloto tse Kgolo tsa Temo (MAFISA);
  • Netefatsa tshebetso e nepahetseng ya Small Entrprise Development Agency, SEDA;
  • Tshebetso ya Bili ya Dikhampani, e nkilweng ke kabinete bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba ka laboraro le fetileng, e le karolo ya letoto la mekgwa ya hom fokotsa boima ba taolo e tobileng dientaprise tse nyenyane, tse bohareng le tse kgolo le ho matlafatsa bengdikabo ba banyenyanele basebetsi.
  • Re fetileng pehelo ya eo re ipehetseng yona ya 10 000, re tla eketsa palo ya batjha e nkang karolo Tshebeletsong ya Setjhaba ya Batjha ka bonyane 20 000 ka mafapha a rona a 18 ao a seng a nsheditsepele meralo ntlheng ena, re ngodise baithaopi ba banyane dilemong ba 30 000 boikitlaetsong ba ntshetsopele ya setjhba, re hire batho ba batjha dilemong b 5 000 e le karolo ya Lnaneo la Tshebetso ya Setjhaba la Katoloso ho hlokomela meaho ya mmuso.
  • Matlafatsa maiteko a ho kenyeletsa ntshetsople ya batjha ka hara mosebesti o bohareng wa mmuso, ho kenyeletswa Lenaneoo la kenyeletso ya Batjha, le maiteko a tswelellang a ho hokahanya dikrajueiti tse hlokang mosebetsi le menyetla ya meseetsi - mme ntlhene ena re rata ho leboha dikhampani tse ngata, tsa poraefete le tsa setjhaba, tse kgolo le tse nyenyane, tse ileng tsa arabela ka mokgwa o babatsehang boiktlaetsong bona le
  • Ho qalella ho kenya tshebetsong Molawana wa Ditokelo tsa Lefatshe la Karolelano ka sepheo sa ho ntlafatsa tshebediso ya ikonomi ya lefatshe le arolelanwang, ha ka nako e le nngwe re atolosa dithuso tse kang nosetso, dipeo le disebediswa ho balemi ba banyenyane le ba baholwane.

Ditho tse hlomphehang:

Mananeo a ikonomi ao re boletseng ka ona a bopa karolo e kopaneng ya ho sututsa eo Afrika Borwa yohle e tshwanelang ho nka karolo ka mothati wa ho fokotsa boemo ba bofumanehi le ho se lekalekane setjhabeng sa rona. Ho rona ha se poeletso fela ho tiisetsa hore katleho ya temokerasi ya rona e tlameha hape e tla lekolwa ka mehato e bonahala eo re e nkang ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba batho ba makaqabetsing haholo ba setjhaba sa rona.

Hore re tle re kgone ho ntlafatsa mananeo a setjhaba ao re a kentseng tshebetsong ka dilemo, re ikemiseditse selemong sena ho phethela mosebetsi o seng o qadilwe ho lokisa tshebetso ya rona ya tshireletso ya setjhaba hore ho kenngwa tshebetsong hwa mekgahlela ho ka qalella e sa le nako. Karolo e hlokolotsi ya tokiso ena ke mosebetsi wa ho lokisa sepha se hlwailweng raporotong ya Komiti ya Diphuphutso ka hara tsela ya Tshebetso e Kenelletseng ya tshireletso ya Setjhaba ya Afrika Borwa ya 2002. Hona ke hore tshiya tse amohelang meputso tse kenyang letsoho tsa tshebetso ya tshireletso ya setjhaba ha e yo kapa ha e tshepahale bakeng sa lenaneo le lengata la bato ba sebetsang. Molao a tataisang tlhahiso ena ke hore, ka hodima tshebetso ya thuso ya setjhaba e hlahiswang ka tekanyetso ya mmuso, re hloka ho hlahloba ho kenya tsebetsong thuso ya tshireletso ya setjhaba e amahanngwang le moputso e tsebiswang ke molawana wa kopano ya setjhaba.

Sena se bolela hore maAfrika Borwa ohle a tla natefelwa ke botho ba mokgwa wa inshorense ya setjhaba e tsamaiswang ka bokgoni e tshwanang, ha bao ba amohelang meputso e ka hodimo ba tla tswella ho ba ditho tsa dikimi tsa ho bea meja fatshe tsa inshorense le tsa poarefete. Ho fihlela dipuisanong tse ha kana tse entswe ka hara mmuso, ho hlahella tumellano ya hore dielemente tsa tshebetso ena di tla hloka ho kenyelletsa:

  • Ho ntshetswa pele ha diphumantsho tsa bonyane tse leshwang ka tshebetso ya taolo r ntjhafetseng;
  • Saposidi ya meputso bakeng sa basebetsi ba amohelang meputso e tlase, ka mohlomong e lebisitswe ho ba qalang ho kena mmarakeng mosebetsi, haholo batho ba batjha dilemong; le
  • Lekgetho la tshireletso ya setjhaba ho lefella dipolokelo tsa motheo tsa ho bea meja fatshe, lefu, ho sa itekanele le diphumantsho tsa ho hloka mosebetsi.

Letona la tsa Ditjhelete le tla hlalosa ha batsi ka dintlha tsena puong ya hae ya Tekanyetso. Hoo re tshwanetseng ho ho ela hloko hona ke ha re phethela diphatlalatso tse ntjha tsa tshireletso ya setjhaba, mmuso o tla ikitalelletsa tsamaiso ya ditherisano le alekane bohle ba setjhaba e lengka bomong kapa ka NEDLAC.

Ka tlatsetso re qalelletse ho hlahloba ditsela tsa ho fihlella bana ba makaqabetsing ba ka hodimo ho dilemo tse 14.
Lenaneoo la rona sedikeng sa setjhaba selemong sena le tla kenyeletsa:

  • Ho akofisa kaho ya matlo a theko e tlase ho tla hloka ho thewa ha Tsamaiso ya Morero o Bohlokwa ho shebana le tsa ditjhelete ka potlako, ho lekolwa ha Bili ya Tsamaiso ya Bolaodi ba Tshebediso ya Lefatshe le ho netefatsa hore ditho tse setseng tsa tumellano e diehisitsweng haholo le ditheo tsa poraefete di a phethelwa;
  • Ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha projeke ya matlafatso ya ditekesi, ho kenya tshebetsong merero e hlalositsweng bakeng sa bapalami ba terene le ba dipalangang tsa mebileng ho kenyeletswa bus Rapid Transport System metseng e meholo le matlafatso ya Metrorail: mme ntlheng ena, e re ke nke monyetla ona ho hatella hore mmuso le balekane ka rona ho SANTACO re ke ke ra qobellwa ka dikgoka ho nyahlatsa projeke ya matlafatso ya ditekesi, mme ho tla sebetswa ka maiteko a mang le a mang a ho kgella fatshe molao wa setjhaba e le ho lelekisa ditabatabelo tsa boikgopolelo.
  • Ho atolosa phumantsho ya Ntshetsopele ya Motheo ya Bana e le karolo ya lenaneoo la ho ntlafatsa setheo sa thuto ya kakaretso hape ele karolo ya Lenaneoo la ditshebeletso tsa setjhaba tse atolositsweng;
  • Ho atolosa thupelo le khiro ya baoki le basebeletsi ba setjhaba mmoho le bathusi ba tlatsetso, keketso ya lanane la diinstitjhushene tsa thupelo, matlafatso ya boleng ba thupelo le ho thea setheo sa basari;
  • Ho tswela pele ka ho kenya tshebetsong mokgwa wa ho lefela ba porofeshene ya tsa bongaka, l ho nehelana ka mehlodi e meng hape ho ntlafatsa boemo ba meputsoya matitjhere.
  • Ho netefatsa ho kenngwa tshebetsong, ntle le tshenyo ya nako, mekgwa ya ho fokotsa ditjeo tsa merianap; le
  • Ntshetsa pele mosebetsi ho tobana le disosa haholo tseo e seng tsa tlhaho tsa lefu hara setjhaba sa rona hammoho le mafu a tsamaelanang le mokgwa wa bophelo, malaria, mekgahlelo e fapafapaneng ya TB, dikotsi tsa mebileng le botlokotsebe bo nyarosang.

Ntlheng ena, mmuso o itela ho matlafatsa tlhokomediso kgahlano le HIV le AIDS le ho ntlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha dikarolo tse kenelletseng tsa mawa a tshebetso jwaloka thibelo, tlhokmelo ya ba hae le kalafi. Re tla netefatsa hore selekane se theilweng ka dilemo se a matlafatswa, le hore mawa a kanelletseng a lokisitsweng kgahlano le AIDS le tshwaetso ya mafu a thobalano a phethelwa ka pleka moo ho kganahalang.

Selemong sena re tla phethela merero e tsitsitseng ya ho kenngwa tshebetsong ha mekgahlelo ya ho qetela ya mananeo arona ho fihlellela tseo re ipehetseng tsona ka phihlello kabo ya metsi ho bohle ka2008, tsamiso ya dikgwerekgwere ka 2010 le motlakase ka 2012. hape re tlaphethela mawa le mananeo ho tobana le dintlha tsa kopanelo ya setjhaba, ho keyelletswa le mawa a kenelletseng a hokahaneng a kgahlano le bofumanehi ao re seng re a boletse, ha mmoho le ho tobana le dintlha tse amanang le setjhaba se kopaneng, ditheo tsa bohlokwa le boitsebiso.

Boiteko bona bohle, Mofumahadi Sebui le Modulasetulo, di tsamaisana le tjheseho e tswelang pele ya ho ntlafatsa polokeho le tshireletso ya metsana. Ntlheng ena, mmuso o tlanetefatsa hore diqeto tse seng i nkilwe maoka le ho matlafatsa ntwa ya rona kgahlano le botlokotsebe di kenngwa tshebetsong. Phephetso eo re tobaneng le yona ho shebana le ntlha ena ha e amane ho hang le melao.

Ekampane, ho hokehang ke tlhophiso e phethahetseng, pokelletso le bolaodi ba matshwele a baqobelli ba molao, tsa mahlale le bahlanka ba ditjhankana le basebeletsi ba tsa toka. Bongata ba basebeletsi bana ba mmuso ba bontshitse hape le hape hore ba ikemiseditse ho kenya maphelo a bona kotsing le ho tella nakonyana e nnyane ya boleng eo ba ka bang le yona le malapa a bona tshreletsong ya tokolphp le tshireletso ya rona.

Ka keketseho ho mananeong a mangata a ntseng a twela pele ao re a kentseng tshebetsong, selemong sena mmuso o tla:

  • Tswela pele ho ntlafatsa moputso le maemo a tshebetso a mapolesa, le ho qala tshebetso ya ho atolosetsa pele basebeletsi ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa ho tlisalenaneola palo ya bona ho fihla ka hodimo ho 180 000 dilemong tse tharo, le ho netefatsa tshebediso e hodimo ya tekolo ya elektroniki e sa tswa kenngwa;
  • Tlisa bokgoning bo lekaneng dilaboratori tsa forensiki tse hoketsweng ka thekenoloji ya ha jwale, le ho netefatsa tshebediso e hodimo ya motheo wa dintlha - ka nnete bongata ba dikatleho tsa ha jwale tharollong ya botlokotsebe bo tiileng di thusitswe haholo ke ditshebetso tsena.
  • Tlisa ditshebeletso tsa Lefapha la Merero ya Selehae bokgoning bo tletseng, ka ho tlatsa dikgeo, ho ntlafatsa ditshebetso le ho kenya tshebetsong ditshisinyo tse ding tsa Sehlopha sa Tshebetso se neng se ntse se sebstsa le Letona ho ntlafatsa tshebetso ya institjhushene ena ya bohlokwa'
  • Ho kenya tshebetsong ditshisisnyo tsa Khomishenen ya Khampepe ntlheng ya sepheo le tshebetso ya Directorate of Special operations (Scorpions);
  • Qala tshebetso ya ho ntjhafatsa ditshebeletso tsa Lekgetho, haholo maloka le taolo ya meedi, le ho ntlafatsa mosebetsi wa makala a kenellanang a ka hara mafapha ntlhen ena
  • Matlafatsa mosebetsi wa mahlale ho ya ka botlokotsebe bo hlophisitsweng, re aha hodima dikatleho tse fihlelletsweng dikgweding tse mmalwa tse fetileng mabapi le ho sebetsana le ho ho hapa ka dikgoka ha makoloi a tsamaisang tjhelete, ho hweba ka dithetefatsi, polao ya diphoofolo ho seng molaong;
  • Tshebediso ya boemo bo hodimo ya thekenoloji e ntjha e filweng ba tsamiso ya toka le ho lokisa ka kakaretso taolo ya makgotla le botjhotjhisi, e le ho fokotsa haholo dinyewe tse salletseng morao;
  • Phethele dielemente tsa mokgwa wa ho fetola makgotla le ho ntjhafatsa tshebetso ya ona, ka dipuisano le diinstitjhushene tsena tsa bohlokwa tsa temokerasi ya rona.
  • Kenya tshebetsong mananeo ao ho qetilweng ka ona ho aha ditjhankana tse ngata ho fihlella maikemisetso a White Paper ka ha Ditjhankana;
  • Tswe lapele ka ditshebeletso ho ya pele tsa ho hlahlella ka bokgoni ditheo tsa rona tsa mahlale,le ho netefatsa hore ka dinako tsohle di sebetsa ho latela Molaotheo le melao ya rona;
  • Ntlafatsa manollo ya rona ya mefuta ya botlokotsebe ho ntlafatsa tshebetso ya rona maloka le thibelo le phediso ya botlokotsebe. Ntlheng ena, re tlameha ho arabela nnete e re tobileng hore, fela jwaloka mafatsheng a mang, boholo ba botlokotsebe bo nyarosang bo etsahala haholo dibakeng le hara ba kobo di mahetleng, mme bo hloka ho kena dipakeng ho matla bo lebisitsweng thibelong ya botlokotsebe ho tswa ho baahi.

Jwaloka ha re se re boletse, ditsela tsena le tse ding di tlaatleha ha fela re ka aha selekane se matla ka hara setjhaba sa rona le mahareng a setjhaba le mapolesa, ho thatafaletsa ditlokotsebe bophelo hang le hahaholo.

Ntlheng ena, re haulwa ke qeto e bontshitsweng ke baeteledipele ba tsa kgwebo le sedumedi ho matlafatsa dilekane tse kang tsena ka hara batho, le ho nehelana ka nako le disebediswa tsa bona ho matlafatsa twantsho ya botlokotsebe. Mmuso o tla etsa karolo ya ona ho netefatsa hore dilekane tsena di sebetsa ka nnete, le hore re bohle mmoho ho ntsha boikarabelo ba ho sirletsa baahi.

Ke tlameha ho bolela ntlheng ena hore Lefapha la Polokeho e Tshireletso le Ditshebeletso tsa Mapolesa ba shebane le tshisinyo ya ho ntlafatsa phathahatso ya bohlokwa ba diforamo tsa Mapolesa a Setjhaba.

Mofumaghadi Sebui le Modulasetulo:

Ho ntlafatsa ho ya pele ditshebeletso tsa ona bathong, mmuso o tlameha ho phahamisa bokgoni ba ona le tlhophiso. Ho fihlella diphetho tsena, hara selemo sena re tla;

  • Matlafatsa tekolo le tlhahlobo ya bokgoni ho ralala le ditheo tsohl, ho kenyeletswa thupelo ya balaodi ba ikarabelang ho kenngwa tshebetsong ha tshebetso ena;
  • Phethela, nakong ya dikgwedi tse 18, molao maloka le tshebetso e le nngwe ya setjhaba mmoho le ditlwaelo le dihlopha tse tsamaelang, molawana wa tefo o amang ditheo tsa kalafi le tsa ho bea meja fatshe.
  • Matlafatsa temoho ya ditheo tse kantle mabapi le ntshetsopeleya dibka tse bulehileng, le ho hodisa lenane la bomasepala bao e leng karolo ya ho nyalellana ha disebediswa tse rerang ho ralala le ditheo tse tharo;
  • Etsa tekolo ya bokgoni le ho kenya tshebetsong manane a kenang dipakeng Mafapheng a Diprofense tse ikarabelang ho mmuso wa selehae, mmoho le Diofisi tsa Diprimiri, e le ho tswela pele ho ntlafatsa bokgoni ba mafapha a rona a setjhaba;
  • Ha re matlafatsa sedika sa setjhaba le khampeini e khahlano le bobodu, e tla phethelwa mafelong a selemo tshebetso ena e tla ntlafatsa hapee bokgon ba mawa a kgahlano le bobodu makaleng ohle a mmuso;
  • Ala khampeini ya Batho Pele makaleng a mmuso wa selehae, matlafatsa diketsahalo tse hole ho kenyelletswa di-imbizo leho thea di- Multi-Purpose Community Centres tse ngata ho feta tse 90 tse teng ha jwale; le
  • Ho fana ka bokgoni le tshehetso e kenelletseng ho diinstitjhushene tsa baetapele ba setso

Ho ntlafatsa puso hape o bolela ho ba le motheo wa dintlha maloka le ditheo tsa metsana ka hara metse.Ntlheng ena; diphuphutso tse kgolo di tla etswa ka 2007. Nakong ya matsatsi a mabedi a fetileng, basebetsi ba 6 000 ho tswa Statistc South Africa ba ile ba tswa ka bophara ba ba naha ho bokeletsa tlhahisoleseding ho tswa malapeng a 280 000 a kgethilweng ho nka karolo phuputsong tsa setjhaba, e tla neha mmuso setshwantsho sa maemo a baahi ka nepahalo ho tswa dikarolong tsohle tsa naha.

Ka Mphalan batho ba bang ba 30 000 malapeng a 8 000 ba tla kgethwa ho nka karolo paneleng ya pele ya Afrika Borwa e bitswan National Income Dynamic Study. Batho bana ba 30 000 ba tla lebelwa ka nako e itseng, ho eketsa kutwisiso ya rona ya ditho tse kang ho falla, mmaraka wa tsa mesebetsi, motsamao wa batho ho latela meloko le ho thewa le ho qhaqheha ha malapa. Ke rata ho nka monyetla ona ho bitsa bohle ba kgethilweng ho fana ka tshebedisano dintlheng tsena tsa bohlokwa.

Mofumahadi sebui le Modulasetulo:

Hara diphihleleo tse kgolo tsa batho ba Afrika dilemong tse pedi tse fetileng e bile ho kgutlisetsa kgotso Seterekeng sa Great Lakes. Re motlotlo jwaloka maAfrika Borwa, ka seabo seo setjhaba sa rona se bileng le sona ho thuseng ho tlisa sena - ho tloha ka bahlankana le baretsana ba Lebotho la Tshireletso ya Setjhaba ho ya ho basebeletsi ba diinstitjhushene tsa setjhaba le tsa poraefete ba faneng ka nako ya bona ho etsa hore toro ya Afrika e phethahatswa lehaeng la Patrice Lumumba.

Re tla tswelapele ho sebetsa le dikgaetsedi ho tswa DRC, mmohole Burundi,Comoros, Sudan haolo ho netefatsa hore bomo ba kgotso le botsitso tse teng ho fihlela jwale di fetisetswa ntle l kgefutso ho ba diketso tsa kaholetjha le ntlafatso ya setjhaba.

Le ha ho le jwalo, ha re le tokelo ya ho keteka tlholo eo Afrika e e fihleletseng tjhesehong ya hae ya ho fihlella kgotso le ntshetsopele, re ke ke ra kgella fatshe diphephetso tse re tobileng tsa ho seetsana le dikarolo ts setseng tsa phapang, haholo tsamaiso ya tsa kgotso ho la Sudan, ho keyelletswa le boemo ba Darfur, Cote d'Ivoire le Somalia.

Mmuso wa rona o tla arabela ka tshwanelo mme ha bokgoni ba rona bo re dumella, pitsong ya Kopano ya Afrika bakeng sa thuso ho batho le mmuso wa Somalia. Ho hlokolosi ntlheng ena ke boikitlaetso bo etsahalang ho netefatsa hore balwantshan ka hara Somalia ba a hokahana ho fumana tharollo e kgonahalang, e theilweng hodimo tlhoko ya ho fihlella peolano ya setjhaba.

Selemong sena African peer Review Forum e tla phethela bolekodi ba naha ya rona. Ke rata ho nka monyetla ona ho leboha balekgotla, matona a mmuso le mafapha, mekgatlo ya basebeletsi ba mmuso le setjhaba ka hohle-hohle bakeng saho kenya letsoho tlhakisong e neng e phephetsa jwaloka ha e ne e le qohollehile bakeng sa temokerasi ya rona e nyenyane. Re tla nka mehato e lokelang ho kenya tshebetsong mananeo a hlkoehang a ketso a tla hlaha ka lebaka la tsamaiso ya tekolo ena ya sethaka.

Ka ho tshwna, re tla tswela pele ho sebetsa le kontinene kaofela le balekane ba ntshetsopele ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha manane a NEPAD.

Ka pelenyana ho kgwedi, Afrika Borwa e qadile bohahlaodi ba mosebetsi e le setho seo e seng sa dinako tsohle sa United Nations SecuritynCouncil. Re rata ho ikana , boemng ba batho ba Afrika Borwa hore re tla , mokgatlong on o hlomphehileng ha kana, etsa sohle se lokelang ho kenya letsoho ho kgotso le tshireletso ya lefatshe.

Ntlheng ena, re tla tswelapele hape ho sebedisana le baetapele ba bato ba Palestina, Israel, Iraq le mafatshe a mang a middle East le Persian Gulf.

Re tla tswelapele hape ho matlafatsa dikamano tsa rona le mafatshe a mang kontinenteng mona, balekana ba rona ba India, Brazil le Thge People's Republic of China, mafatshe a manga Borwa mmoho le Japan, Europe, le North Amerika.

E nngwe ya dipotso tse hlokolosi eo re tla e latella ntlheng ena ke dipuisano tse potlakileng tsa Doha Development Roud ya WTO. Re kgodisehile hore ditharollo tsa diqaka tsa ha jwale di ka fihlellwa,le hore ho molemong wa nako e telele wa dinaha tse tswetseng pele le tse tswelang pele ka ho tshwana hore dipisano tsena di phethelwe.

Mofumahadi Sebui le Modulasetulo:

Ho tloha ka thomo e atlehileng ya 2004, re re tswetsepele ho fetolela Afrika Borwa botleng. Ha re a tlameha le ho tswhwanela ho kgella fatshe mathata a mangata ao re sa ntseng re tlakopana le ona.

Empa molaetsa oo boiphihlelo ba rona bo kopaneng bo o fetisetsang ho rona bohle ke hore, re sebetsa mmoho, re ka kgona hape re tla atleha ho fihlella maikemisetso a tshwanang ao re ipehetseng ona jwaloka setjhaba - ho aha bophelo bo beter bakeng sa bohle, naheng e sa hloleng e fupere le ho emela tsohle tse me le tse nyonyehang bothong.

Re tlameha kajeno, haholo ka boitshepo,ho bua mmoho ka tokoloho. We ka leka ho sebetsa mmoho ho lelekisa "thabo e ka fihlelang banna le basadi ha ba dula lefatsheng le lokolhileng"

Ha jwale ha re so fihle. Empa ha ho e mong, kantle ho rona, ya tlanetefatsa hore toro ena e a fihlellwa. Mme he, ha re phahamiseng ke hona matsoho a diaparo tsa rona re sebetseng, re utlwisisa ka botlalo hore mosebetsi wa ho aha Afrika Borwa eo re e labalabelang ke boikarabelong boo re bo arilelanang.

Ke a leboha

E ntsitswe ke: Bopresidente
9 Hlakola 2007

Share this page

Similar categories to explore